Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 9:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ho Balevi, ke Shemaia, mora Hashube, mora Asrikame, mora Hashabia, wa bara ba Merari;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Balevi ba neng ba ahile Jerusalema ke bana: Shemaya, mora wa Hashube, setloholo sa Asarikama, setloholwana sa Hashabiya, e mong wa bara ba Merari,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 9:14
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya leshome le metso e robileng meno e le mmedi ya ntsha Hanani; yena le bara ba hae le banababo ba ne ba le leshome le metso e mmedi.


Haele balebedi ba menyako, kamoo ba ileng ba etswa dihlopha kateng ho Bakore, e ne e le Meshelemia, mora Kore, wa bara ba Asafe.


Shelomithe eo le banababo ba bewa balebedi ba matlotlo wohle a dintho tse halalelang tseo morena Davida, le dihlooho tsa matlo, le balaodi ba dikete le ba makgolo, le balaodi ba bang ba makgotla, ba neng ba di kgethetse Jehova;


Bara ba Merari ke Mahali le Mushi. Ke eo meloko ya Balevi ka ho ya ka bontata bona.


Bara ba Merari ke Mahali, le Libni, mora wa hae, le Shimei, mora wa hae, le Ussa, mora wa hae,


Bara ba Merari, ka ho ya ka meloko ya bona, ba newa metse e leshome le metso e mmedi ka lotho lelokong la Rubene, le lelokong la Gade, le lelokong la Sabulone.


le banababo bona, dihlooho tsa matlo a bontata bona, e le batho ba sekete se nang le makgolo a supileng le mashome a tsheletseng; e ne e le banna ba matla mosebetsing wa tshebetso ya ntlo ya Modimo.


le Bakbakkare, Hereshe, Galale, le Matthania, mora Mikea, mora Sikri, mora Asafe;


Bana ba Levi, bao e neng e le dihlooho tsa matlo a bontata bona, mabitso a bona a ngolwa bukeng ya ditaba tsa mmuso ho isa mehleng ya Johanane, mora Eliashibe.


Dihlooho tsa Balevi e ne e le Hashabia, Sherebia, le Joshua, mora Kadmiele; ba ne ba na le banababo bona ho boka le ho rorisa Jehova ka taelo ya Davida, monna wa Modimo, ka dihlopha tse tadimanang.


Ke bana Balevi ba kileng ba balwa ka matlo a bona: ka Gershone ho hlahile ntlo ya Bagershone; ka Kehathe ntlo ya Bakehathe; ka Merari ntlo ya Bamerari.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ