Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 9:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 le Asaria, mora Hilkia, mora Meshullame, mora Tsadoke, mora Merajothe, mora Akitube, modisa wa ntlo ya Modimo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 le Asariya, mora wa Hilekiya, eo baholoholo ba hae e neng e le bo-Meshulame, le Sadoke, le Meraote, le Ahitube, eo e neng e le mookamedi wa Tempele ya Modimo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 9:11
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tsadoke, mora Akitube, le Akimeleke, mora Abiathare, e ne e le baprista; Seraia e ne e le mongodi;


Ba howeletsa morena; yaba ho tswela ho bona Eliakime, mora Hilkia, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna, mongodi, le Jowa, mora Asafe, mmoloki wa mangolo a mmuso.


Morena a laela Hilkia, moprista e moholo, le baprista ba mo hlahlamang, le balebedi ba monyako, a re, ba phahle tempeleng ya Jehova mesebetsi yohle e etseditsweng Baale, le Ashtarothe, le makgotla wohle a lehodimo; a e tjhesa kantle ho Jerusalema, masimong a pela Kedrone, mme melora ya yona ya iswa Bethele.


Molaodi wa bahlabani ba morena a tshwara le Seraia, moprista e moholo, le Sofonia, moprista ya mo hlahlamang, le balebedi ba bararo ba monyako.


Ba arolelwa dikabelo ka lotho, ba bang le ba bang; batsamaisi ba sehalalelo le batsamaisi ba ntlo ya Modimo ba nkwa hara bara ba Eleasare le hara bara ba Ithamare;


le Adaia, mora Jerohame, mora Pashkure, mora Malkija, le Maesai, mora Adiele, mora Jahsera, mora Meshullame, mora Meshillemithe, mora Immere;


boJehiele, Asaria, Nahathe, Asaele, Jerimothe, Josabade, Eliele, Jismakia, Mahathe, le Benaia ba bewa bahlahlobi tsamaisong ya Konania le Shimei ngwanabo, ka taelo ya morena Esekiase le ka ya Asaria, motsamaisi wa ntlo ya Modimo.


le Seraia, mora Hilkia, mora Meshullame, mora Tsadoke, mora Merajothe, mora Akitube, modisa wa ntlo ya Modimo;


Yaba Pashkure, mora Immere, moprista le mohlahlobi e moholo wa ntlo ya Jehova, o utlwa Jeremia ha a porofeta ditaba tseo.


Ke yona tshebetso ya matlo a bara ba Bagershone, tenteng ya pokano, le tseo ba tlang ho di boloka, ba le taelong ya Ithamare, mora Aarone, moprista.


Ke yona tshebetso ya bara ba matlo a Bamerari, e leng tshebetso ya bona tenteng ya pokano, ba le taelong ya Ithamare, mora Aarone, moprista.


A ya ho baprista ba baholo, le ho balaodi ba makgotla, ho rera le bona kamoo a tla ba neela yena kateng.


Moprista e moholo, le molebedi wa tempele, le baprista ba baholo, yare ha ba utlwa dipolelo tseo, ba makala ke bona, ba re: Taba eo e tla fella kae?


Yaba molebedi wa tempele le bahlanka ba lekgotla ba ya, ba ba tlisa, empa e seng ka matla, kahobane ba ne ba tshaba ho tlepetswa ka majwe ke setjhaba.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ