Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 7:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Fatshe la bona le neng le ruilwe ke bona le madulo a bona e ne e le Bethele le metsana ya teng, le Naarane ka nqa botjhabela, le Gesere nqa bophirimela le metsana ya teng; Sikeme le metsana ya teng, ho ya fihla Gasa le metsana ya teng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 Naha ya bona, eo ba neng ba ahile ho yona, e ne e le Bethele le metsana ya yona. Ka botjhabela e le Naarane, ka bophirimela e le Gesere le metsana ya yona, le Shekeme le metsana ya yona, le ho ya fihla Aya le metsaneng ya yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 7:28
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A rea nqalo eo lebitso la Bethele (ntlo ya Modimo); hobane pele, lebitso la motse oo e ne e le Luse.


Moedi wa bana ba Efraime ke ona ka matlo a bona: nqa botjhabela, moedi wa lefa la bona o tloha Atharothe-Addare ho isa Bethe-Horone ya kahodimo.


O ntoo tswa Janoa, o theohele Atharothe le Naaratha, ho ya fihla Jeriko le ho fella Jordane.


Nqa bophirimela, moedi o tloha Tappua ho leba nokeng ya Kana, mme o ya fella lewatleng. Ke leo lefa la leloko la bana ba Efraime, ka matlo a bona.


Metse e meng ya arolelwa bana ba Efraime lefeng la bana ba Manasse, metse eo yohle e na le metsana ya yona.


Ba ntlo ya Josefa bona ba nyolohela Bethele, mme Jehova a ba le bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ