Ho Bahebrone — Bahebrone bao ho ileng ha batlwa masika a bona ka ho ya ka bontata bona, selemong sa mashome a mane sa puso ya Davida, ha ba ha fumanwa hara bona banna ba matla, ba bahale, motseng wa Jasere wa Gileade, —
Wa ba fa le mebuso le ditjhaba, mme wa ba arolela tsona ka dikoto; ba rua lefatshe la Sihone morena wa Heshbone, le lefatshe la Oge, morena wa Bashane.
molala wa hao eka tora e sebeditsweng ka dinaka tsa tlou; mahlo a hao a jwaloka matsha a Heshbone, monyakong wa Bathe-Rabbime; nko ya hao e jwaloka tora ya Lebanone e lebileng nqa Damaseka;
Tlohang, le tsamaye, mme le tshele nokana ya Arnone. Bona, ke neetse Sihone, morena wa Heshbone, le Maomore, le naha ya hae, matsohong a hao. Qala ho hapa naha eo, mme o mo lwantshe.