Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 6:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Akitube a tswala Tsadoke, Tsadoke a tswala Akimaatse,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Ahitube a tswala Sadoke, Sadoke a tswala Ahimase,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 6:8
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a eketsa a re ho moprista Tsadoke: Na ha o utlwisise? Ipoelle hae ka kgotso, le Akimaatse mora hao, le Jonathane mora Abiathare, bara ba lona ba babedi.


Yaba Hushai o re ho baprista Tsadoke le Abiathare: Akitofele o eleditse Absalome le baholo ba Iseraele ka keletso e itseng, nna ke ba eleditse ka keletso e itseng.


Haele Jonathane le Akimaatse, ba ne ba eme Ene-Rogele. Morwetsana a ya, a ba bolella hore ba ye, ba tsebise morena Davida. Hobane ba ne ba tshaba ho bonwa ha ba kena motseng.


Bahlanka ba Absalome ba fihla ha mosadi eo, ba re: Ba kae boAkimaatse le Jonathane? Mosadi a re ho bona: Ba tshetse molatswana. Ba batla, ba se ke ba fumana letho, ba ba ba kgutlela Jerusalema.


Yaba Akimaatse, mora Tsadoke, o re: A nke ke mathe, ke isetse morena taba e molemo ya hore Jehova o mo pheteleditse ho dira tsa hae.


Akimaatse, mora Tsadoke, a boela a re ho Joabe: Leha ho ka ba jwang le jwang, a nke ke mathe le nna kamora Kushi. Joabe a re: O pheheletseng ho matha, mora ka, athe taba eo o e isang hase e ka o fumantshang teboho?


Sheva yena e ne e le mongodi; Tsadoke le Abiathare e ne e le baprista;


Tsadoke, mora Akitube, le Akimeleke, mora Abiathare, e ne e le baprista; Seraia e ne e le mongodi;


a tlotswe teng ke moprista Tsadoke le moporofeta Nathane, e be morena wa Iseraele; le letse terompeta, le re: Ha ho phele morena Salomone!


morena o romile le yena moprista Tsadoke, le moporofeta Nathane, le Benaia mora Jehojada, le Bakerethe le Bapelethe, mme ba mo kallisitse esele ya morena.


Empa moprista Tsadoke, le Benaia mora Jehojada, le moporofeta Nathane, le Shemei, le Rei, le bahlabani ba Davida, ha ba ka ba emela Adonija.


Morena a bea Benaia, mora Jehojada, molaodi wa makgotla tulong tsa hae; morena a bea le moprista Tsadoke tulong tsa Abiathare.


Ha tla le Tsadoke, mohlankana wa mohale, a ena le ba ntlo ya ntatae, e le mahosana a mashome a mabedi a metso e mmedi.


Davida hammoho le Tsadoke wa bara ba Eleasare, le Akimeleke wa bara ba Ithamare, ba arola baprista ka dikabelo tsa bona tsa tshebetso.


Merajothe a tswala Amaria, Amaria a tswala Akitube,


Akimaatse a tswala Asaria, Asaria a tswala Johanane,


Asaria, moprista e moholo, wa lesika la Tsadoke, a mmolella, a re: Haesale kabelo e ntshwang e qala ho tliswa ka tlung ya Jehova, re jele, re bile re kgotshe, mme re bile re siile ho hongata; hobane Jehova o hlohonolofaditse setjhaba sa hae; mme se setseng ke setha seo se seholo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ