Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 6:49 - Sesotho 1909/1961 (SO)

49 Aarone le bara ba hae ba ne ba hlahisa mahlabelo aletareng ya ditjheso le dibano aletareng ya dibano; hape ba ne ba neilwe mesebetsi yohle ya sehalaledisiso, hore ba etsetse Iseraele pheko, kahohle kamoo Moshe, mohlanka wa Modimo, a neng a laetse kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

49 Bo-Arone le ditloholo tsa hae e ne e le bona ba etsetsang nyehelo ya setjheso hodima aletare ya mahlabelo, ba tjhesetsang le mokubetso hodima aletare ya mokubetso. Ba ne ba bile ba etsa tsohle tse neng di etswa ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa, ba etsetsa Iseraele tefelo ya dibe, ho latela tsohle tseo Moshe, mohlanka wa Modimo, a neng a di laetse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 6:49
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Banababo bona, e leng Balevi ba bang, le bona ba newa ditshebetso tsohle tsa tabernakele ya ntlo ya Modimo.


eba Modimo o a mo hauhela, mme o re ho lona: Mo namole, a tle a se ke a theohela lebitleng, ke bone se ka mo lopollang.


ba je tseo pheko e entsweng ka tsona ho ba kgethela tshebeletso, le ho ba hlwekisa; di se ke tsa jewa ke moditjhaba, hobane ke ntho tse kgethehileng.


A ntoo hlaba pohwana eo pela Jehova, mme baprista, e leng bara ba Aarone, ba tla hlahisa madi, ba a tshollele kahohle aletareng e monyako wa tente ya pokano.


O tla etsa ka poho eo kamoo a entseng ka poho ya sehlabelo sa sebe kateng; o tla e etsa jwalo. Moprista o tla ba etsetsa pheko jwalo, ba tle ba tshwarelwe.


Moprista a etse pheko bakeng sa phutheho yohle ya bana ba Iseraele, mme ba tla tshwarelwa; hobane ke sebe se entsweng ka ho se tsebe, mme ba tlisitse sehlabelo sa bona e le sehlabelo se etsetswang Jehova ka mollo, le sehlabelo sa sebe pela Jehova, bakeng sa sebe se entsweng ka ho se tsebe.


Moshe a re ho Kore: Wena le letshwele la hao lohle, le tle le hlahe pela Jehova, wena, le bona, le Aarone, ka hosasane.


Moshe, mohlanka wa Modimo, a shwela hona teng, naheng ya Moabe, ka taelo ya Jehova.


Eitse hobane Moshe, mohlanka wa Jehova, a timele, Jehova a bolella Joshua, mora Nune, qobo ya Moshe, a re:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ