Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 6:47 - Sesotho 1909/1961 (SO)

47 mora Mahali, mora Mushi, mora Merari, mora Levi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

47 Shemere mora wa Mahele, Mahele mora wa Mushi, Mushi mora wa Merari, Merari mora wa Levi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 6:47
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bana ba Merari ke Mahali le Mushi; bara ba Mahali ke Eleasare le Kishe.


Hobane mosebetsi wa bona e ne e le ho tlatsa bara ba Aarone tshebetsong ya ntlo ya Jehova; ba ne ba laetswe ho baballa mabala le dikamore, le ho hlatswa ntho tsohle tse halalelang, le ho phetha mosebetsi wohle wa tshebetso ya ntlo ya Modimo;


Banababo bona, e leng Balevi ba bang, le bona ba newa ditshebetso tsohle tsa tabernakele ya ntlo ya Modimo.


Haele masimo a motse oo le metsana ya wona, ba e nea Kalebe, mora Jefunne.


Bara ba Merari: Makli le Mushi. Ke yona mefuta ya Balevi ka masika a yona.


Tabernakele ya qhaqhollwa: yaba bara ba Gershone le bara ba Merari ba tloha, ba jere tabernakele.


a bara ba Merari, ka matlo a bona ke ana: Mahali le Mushi. Ke wona matlo a Balevi ka matlo a bontata bona.


Haele ba matlo a bara ba Merari, ba ngodilweng ka matlo a bona le ka matlo a bontata bona,


a nea bara ba Merari, ka ho lekanyetsa mosebetsi wa bona, makoloi a mane le dipholo tse robileng meno e le mmedi; ba ne ba le pusong ya Ithamare, mora Aarone, moprista.


Bana ba Gershone ba matlo a Balevi ba newa, mothapong o mong wa leloko la Manasse, Golane, naheng ya Bashane, le meraka ya wona, e le motse wa setshabelo sa mmolai, le Beeshthra le meraka ya wona: metse e mmedi.


Bana ba Merari ba newa ka matlo a bona metse e leshome le metso e mmedi lelokong la Rubene, le lelokong la Gade, le lelokong la Sabulone.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ