Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 6:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Eleasare a tswala Finease, Finease a tswala Abishua,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Eleasare a tswala Finease, Finease a tswala Abishua,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 6:4
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tsadoke, mora Akitube, le Akimeleke, mora Abiathare, e ne e le baprista; Seraia e ne e le mongodi;


Bana ba Merari ke Mahali le Mushi; bara ba Mahali ke Eleasare le Kishe.


Ho bara ba Merari, ke Mahali le Mushi, le bara ba Jaasia, mora wa hae.


Bara ba Aarone ke Nadabe, Abihu, Eleasare, le Ithamare.


Bara ba Aarone, ke Eleasare, mora hae, le Finease, mora hae, le Abishua, mora hae,


Mehleng ya kgale, Finease, mora Eleasare, ya eba modisa wa bona, mme Jehova a nna a ba le yena.


Kamoo letsoho le molemo la Modimo wa rona le neng le ntse le le ho rona kateng, ba re tlisetsa monna ya kelello wa bara ba Mahadi, mora Levi, mora Iseraele, e leng Sherebia le bara ba hae le banababo, ba entse leshome le metso e robileng meno e le mmedi;


Ho bara ba Finease, ke Gershome; ho bara ba Ithamare, ke Daniele; ho bara ba Davida, ke Hatthushe;


Eleasare, mora Aarone, a nyala e mong wa baradi ba Puthiele, mme a mo tswalla Finease. Ke tsona dihlooho tsa bontata Balevi ka masika a bona.


E tla ba ho yena le ho ditloholo tsa hae kamora hae selekane sa boprista bo sa feleng; hobane o bile a tjhesehela Modimo wa hae, mme o hlahiseditse bana ba Iseraele pheko.


Moshe a romela banna bao ntweng, e le ba sekete ka leloko le leng le le leng, a romela le bona ntweng mora wa moprista Eleasare, Finease, a jere dintho tse kgethehileng le diterompeta tse mantswe a phepa.


Yaba Joshua o a mo hlohonolofatsa, a nea Kalebe, mora Jefunne, Hebrone, ho ba lefa la hae.


Pele lebitso la Hebrone e ne e le Kiryath-Arba; Arba yena e be e le motho e molelele ho feta Baanake kaofela. Mme lefatshe la phomola ntwa e le siyo.


Bana ba Iseraele ba roma Finease, mora moprista Eleasare, ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, naheng ya Gileade,


Le yena Eleasare, mora Aarone, a shwa; mme ba mo pata leralleng la Finease, mora hae, leo a neng a le neilwe thabeng ya Efraime.


Finease, mora Eleasare, mora Aarone, o ne a eme pela Modimo mohlang oo), ba re: Na re tla boela re tswe ho ya lwantsha bana ba Benjamine, banababo rona, kapa a re tla lesa na? Jehova a re: Nyolohang, hobane hosasane, ke tla ba neela matsohong a lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ