37 mora Thahathe, mora Assire, mora Ebiasafe, mora Kore,
37 Sofonea mora wa Tahate, Tahate mora wa Asire, Asire mora wa Abiasafo, Abiasafo mora wa Kora,
mora Elkana, mora Joele, mora Asaria, mora Sofonia,
mora Jitsehare, mora Kehathe, mora Levi, mora Iseraele.
Jwaloka kgama ha e tsetselela metsi a melatswana, ho jwalo le moya wa ka, o tsetselela wena, Modimo!
Modimo, re utlwile ka ditsebe tsa rona, bontata rona ba re boleletse diketso tse phahameng tseo o di entseng mehleng ya bona, mehleng ya boholoholo.
Taba tse monate di bela pelong ya ka; ke re, ke qapela morena; leleme la ka a le ke le be jwaloka lesiba la mongodi ya masene!
Mamelang ditaba tsena, lona ditjhaba kaofela; le sekehe ditsebe, lona batho bohle ba ahileng lefatsheng:
Meaho ya hao e rateha hakakang, wena, Jehova wa makgotla!
Jehova, o hlohonolofaditse naha ya hao, o kgutlisitse batshwaruwa ba Jakobo;