1 Dikronike 6:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)32 ba nna ba etsa tshebetso eo ka pina pela moo tabernakele ya tente ya pokano e hlomilweng teng, ho fihlela ha Salomone a haha ntlo ya Jehova Jerusalema; teng, ba boela ba tshwara tshebetso ya bona ka lenaneo la bona la ho fapana. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE32 Ha Solomone a eso ka a haha Tempele ya Morena, Jerusalema, ba ne ba ye ba binele kapele ho areka, ka Tenteng ya Morena. Ba ne ba bina ka ho hlahlamana, ho latela lenane le neng le hlophisitswe. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Le tsona dibini, bara ba Asafe, di ne di eme tulong tsa tsona, kamoo ho neng ho laetse Davida kateng, le Asafe, le Hemane, le Jeduthune, seboni sa morena; le bona balebedi ba menyako ba ne ba eme monyakong o mong le o mong; ha ho le a mong ya kileng a tloha tshebeletsong ya hae, hobane Balevi, banababo bona, ba ne ba ba lokiseditse.