Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 5:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Ba kwenehela Modimo wa bontata bona, mme ba latela medimo ya ditjhaba tsa naha eo, tseo Modimo o neng o di timeditse pela bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 Empa ba sitelwa Modimo wa bontata bona, ba kgumamela medimo ya ditjhaba tsa naha eo, tseo Modimo a ileng a di fedisa kapele ho bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 5:25
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Pule, morena wa Assiria, o futuhela lefatshe la Iseraele; empa Menaheme a nyehella Pule ka talenta tse sekete tsa silefera, hore a mo thuse ho tiisa mmuso letsohong la hae.


Dihlooho tsa matlo a bontata bona ke Efere, le Jishei, le Eliele, le Asriele, le Jeremia, le Hodavia, le Jahdiele, e neng e le bahale, banna ba tumileng, dihlooho tsa matlo a bontata bona.


Baiseraele kaofela ba balwa jwalo masikeng a bona; ba ngodilwe bukeng ya marena a Iseraele. Haele Juda, a iswa kgolehong Babilona ka baka la meikgantsho ya hae.


o se ke wa etsa selekane le baahi ba fatshe leo, esere, ha o feba le medimo ya bona, mme o hlabela medimo ya bona, ba o biletsa ho tla ja nama tsa mahlabelo a bona,


Mohla Jehova a qalang ho bua le Hosea, a re ho yena: Eya, o inkele mosadi wa mofebi le bana ba bofebe, hobane lefatshe le feba ka ho tlohela Jehova.


Se thabe, Iseraele, ka ho nyakalla, jwaloka ditjhaba tse ding, hobane o febile ka ho tlohela Modimo wa hao, mme o ratile moputso wa bofebe diotlong tsohle tsa koro.


Ho ne ho ngodilwe phatleng ya hae lebitso le reng: Sephiri: Babilona e moholo, mma diotswa le wa manyala a lefatshe.


Ba furalla Jehova, Modimo wa bontata bona, ya neng a ba ntshitse lefatsheng la Egepeta, mme ba latela medimo esele, e leng medimo ya ditjhaba tse ba teetseng hare, ba e kgumamela, mme ba halefisa Jehova.


Le teng, ba se ke ba mamela baahlodi ba bona, ba nna ba ineela medimo esele, ba e kgumamela; ba phakisa ba kgeloha tsela eo bontata bona ba neng ba tsamaile ka yona, ha ba ntse ba mamela ditaelo tsa Jehova; empa bona ba se ke ba etsa jwalo.


Eitse hobane Gideone a timele, bana ba Iseraele ba boela ba itshela bootswa ka boBaale, mme ba ipeela Baale-Berithe ho ba modimo wa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ