Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 5:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ha fela ha bolawa ba bangata, hobane ntwa e ne e le ya Modimo. Mme ba aha tulong tsa bona ho fihlela mohla kgoleho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Ba bolaya ba bangata, hobane e ne e le Modimo ya ba lwanelang. Ba aha naheng eo, ho fihlela ha ba thopuwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 5:22
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Gade o tla lwantshwa ke makgotla, empa o tla a qhala, a a phallele.


Tsiung tsa Peka, morena wa Iseraele, ha tla Tiglathe-Pilesere, morena wa Assiria, a nka Ijone, le Abele-Bethe-Maaka, le Janowa, le Kedeshe, le Hatsore, le Gileade, le Galelea, e leng naha yohle ya Nefthali, a isa batho ba teng Assiria kgolehong.


Ka selemo sa boroba mono o le mong sa Osea, morena wa Assiria a kena Samaria, a isa Baiseraele kgolehong Assiria, a ba bea Hala, le Habore, le pela noka ya Gosane, le metseng ya Bamede.


Bao ba tswang ho thonngwa ka mabitso a bona ba ne ba tlile moo mehleng ya Esekiase, morena wa Juda; ba ne ba timeditse ditente tsa bona, le Bameunime, mme ba ba neela anathema; le kajeno ho ntse ho le jwalo; ba aha tulong tsa bona; hobane teng ho ne ho na le makgulo a mehlape ya bona.


Ba hapa le makgomo a bona, dikamele tse dikete tse mashome a mahlano, le dinku tse makgolo a mabedi a mashome a mahlano a dikete, le diesele tse kete tse pedi, ba bolaya le batho ba lekgolo la dikete.


Yaba moo Modimo wa Iseraele o susumetsang pelo ya Pule, morena wa Assiria, le pelo ya Tilgathe-Pilnesere, morena wa Assiria, mme a tlosa Barubene, le Bagade, le ba mothapo o mong wa Manasse, a ba isa Hala, le Habore, le Hara, le nokeng ya Gosane, ho fihlela kajeno.


Haele Elkana, mora wa Elkana ke Tsofai, mora wa hae, Nahathe, mora wa hae,


Mme Modimo wa mo tlatsa ho lwantsha Bafilesta le Baarabe ba ahileng Gure-Baale, le Bamaone.


Ho yena ho na le letsoho la nama, ho rona ho na le Jehova, Modimo wa rona, ho re tlatsa le ho lwana dintwa tsa rona. Mme setjhaba sa itshepisa ka mantswe a Esekiase, morena wa Juda.


Ana re tla reng tabeng tseo na? Ha Modimo o eme le rona, ke mang ya ka hanang ho rona na?


Monna a le mong wa lona o lelekile ba sekete se seng, hobane Jehova, Modimo wa lona, ke yena ya le lwanelang, jwalokaha a le baletse.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ