Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 5:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Bana ke bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele. E ne e le yena letsibolo; empa kahobane a ne a silafaditse malao a ntatae, boholo ba hae ba ho tswalwa bo ne bo neilwe bara ba Josefa, mora Iseraele; leha ho le jwalo, e ne e se hore Josefa a ngolwe mangolong a meloko ka ho re o na le boholo ba ho tswalwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Rubene ke yena letsibolo la Iseraele. Empa ka lebaka la ho silafatsa diphate tsa ntatae, tokelo tsa hae tsa boholo di ile tsa newa bara ba Josefa, mora wa Iseraele; ka hona ha a yo lenaneng, ho latela tswalo ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 5:1
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova a re ho yena: Ditjhaba tse pedi di ka popelong ya hao; mefuta e mmedi e tla ikarohanya e etswa maleng a hao, setjhaba se tla hlola setjhaba se seng, mme e moholo o tla sebeletsa e monyenyane.


Jakobo a re: Nthekisetse boholo ba hao pele.


Lea a emola, a tswala mora, a mo rea lebitso la Rubene (bonang mora), kahobane a ne a re: Jehova o tadimile ho hlora ha ka, mme jwale monna wa ka o tla nthata.


Yare Iseraele ha a sa aheletse naheng eo, Rubene a ya robala le Bilha, serethe sa ntatae; mme Iseraele a utlwa taba eo.


Mabitso a bara ba Iseraele ba ileng Egepeta ke ana: Jakobo le bara ba hae: Rubene, wa letsibolo wa Jakobo.


Mme jwale, bara ba hao ba babedi bao o ba tswaletsweng naheng ya Egepeta, ke eso ho tle ho wena naheng ya Egepeta, e tla ba ba ka; Efraime le Manasse e tla ba ba ka jwaloka Rubene le Simeone.


Bana ke bara ba Iseraele: Ke Rubene, Simeone, Levi, Juda, Issaskare, Sabulone,


Hosa, wa bara ba Merari, o ne a na le bara; hlooho ke Simri, leha empa e ne e se yena letsibolo, a mpa a beilwe hlooho ke ntatae;


Dihlooho tsa matlo a bontata bona ke tsena: Bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele: Henoke, Pallu, Hetsrone le Karmi. Mefuta ya Rubene ke yona eo.


O se ke wa apola bofeela ba mosadi wa ntatao; ke bofeela ba ntatao.


Ekare ha e mong a feba le mosadi wa ntatae, eba o apotse bofeela ba ntatae: ba tla bolawa ba babedi, mme madi a bona a tla ba hodima bona.


Ke ana mabitso a banna ba tlang ho le thusa: Lelokong la Rubene, ke Elitsure, mora Shedeure;


Yaba Kore, mora Jitsehare, mora Kehathe, mora Levi, le bara ba bararo ba Rubene, Dathane, le Abirame, bara ba Eliabe, le One, mora Pelethe,


Rubene ke mora wa letsibolo wa Iseraele. Bana ba Rubene ke Henoke; ka yena ho hlahile ntlo ya Bahenoke; Pallu le ntlo ya Bapallu;


Ho tumile kahohle hobane bofebe bo teng hara lona, le hona e le bofebe boo ho sa bolelweng bo bokalo le hara bahetene; ho thwe, e mong o na le mohatsa wa ntatae.


a mpe a tiise boholo ba mora wa ya hloilweng ka ho mo nea kabelo tse pedi tsa dintho tsohle tsa hae, hobane ke yena sehlooho sa bonna ba hae; tokelo ya letsibolo ke ya hae.


Ho rohakwe ya robalang le mosadi wa ntatae, hobane o apotse kobo ya ntatae! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!


Bokgabane ba hae bo jwaloka ba letsibolo la dikgomo tsa hae, mme dinaka tsa hae di jwaloka dinaka tsa nare; ka tsona o tla hlaba ditjhaba tsohle ho isa dipheletsong tsa lefatshe; ke dikete tse mashome tsa Efraime, ke dikete tsa Manasse.


Ke yena e leng setshwantsho sa Modimo o sa bonweng, letsibolo la tsohle tse hlodilweng.


Ebile bana ba Juda ba tla ho Joshua Gilgale; Kalebe, mora Jefunne, Mokenise, a re ho yena: O tseba taba eo Jehova a neng a e bolelle Moshe, monna wa Modimo, bakeng sa ka le sa hao, ha re le Kadeshe-Barnea.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ