Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 3:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Bara ba Josiase ke Jokanane, wa letsibolo; wa bobedi ke Jojakime, wa boraro ke Tsedekia, wa bone ke Shallume.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Bara ba Josiya ke: Johanane, letsibolo la hae, wa bobedi ya eba Jehoyakime, wa boraro ya eba Sedekiya, wa bone ya eba Shalome.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 3:15
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Joakase o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e meraro, ha a qala ho busa; a busa ka kgwedi tse tharo Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Hamuthale, moradi wa Jeremia wa Libna.


Faro-Neko a ntoo bea Eliakime, mora Josiase, morena tulong tsa ntatae Josiase; a fetola lebitso la hae, ya eba Jojakime; mme a ya le Joakase; eo a ya Egepeta, a shwela teng.


Morena wa Babilona a bea Matthania, ngwanabo ntata Jojakine, tulong tsa hae, a mo fetola lebitso, a mo rea la Tsedekia.


mora wa hae ke Amone, mora wa hae ke Josiase.


Bara ba Jojakime ke mora hae Jekonia; mora hae ke Tsedekia.


Yaba setjhaba sa lefatshe la Juda sa nka Joakase, mora Josiase, sa mmea morena tulong tsa ntatae Jerusalema.


Eitse selemo ha se thwasa, morena Nebukadnesare a romela ho mo lata, a mo tlisa Babilona, a nka le mesebetsi ya bohlokwa ya ntlo ya Jehova; mme a bea Tsedekia, ngwanabo, morena wa Juda le Jerusalema.


La eba teng le mehleng ya Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, ho isa qetellong ya selemo sa leshome le motso o mong sa puso ya Tsedekia, mora Josiase, morena wa Juda, mohla ba Jerusalema ba iswang kgolehong, ka kgwedi ya bohlano.


Hobane ho itswe ke Jehova bakeng sa Shallume, mora Josiase, morena wa Juda, ya kileng a etswa morena bakeng sa Josiase ntatae, mme a tlositswe nqalong ena: Ha a sa tla boela kwano.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova bakeng sa Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda: A ke ke a llelwa ka ho re: Jo! ngwaneso! leha e le: Jo! kgaitsedi! A ke ke a llelwa ka ho re: Jo! morena! Jo! bokgabane ba hae!


Mme jwaloka difeiye tse mpe tse se nang ho jewa ke hoba di le mpe, ho itswe ke Jehova, ke tla etsa jwalo ho Tsedekia, morena wa Juda, le ho matona a hae, le ho masala a Jerusalema a sa setseng lefatsheng lena, le ho ba ahileng lefatsheng la Egepeta.


Tshimolohong ya puso ya Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, lentswe lena le tswang ho Jehova la tla ho nna, la re:


Tulong tsa Jekonia, mora Jojakime, ha busa Tsedekia, mora Josiase, a beilwe morena lefatsheng la Juda ke Nebukadresare, morena wa Babilona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ