Amone o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi, ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse pedi Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Meshullemethe, moradi wa Harutse, wa Jotba.
Yaba bahlanka ba hae ba tloha Megiddo, ba mo isa Jerusalema ka koloi, a se a shwele, mme ba mo pata lebitleng la hae. Yaba setjhaba sa lefatshe la Juda se nka Joakase, mora Josiase; ba mo tlotsa, ba mmea morena tulong tsa ntatae.
Faro-Neko a ntoo bea Eliakime, mora Josiase, morena tulong tsa ntatae Josiase; a fetola lebitso la hae, ya eba Jojakime; mme a ya le Joakase; eo a ya Egepeta, a shwela teng.
Jojakime o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse leshome le motso o mong Jerusalema. A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, Modimo wa hae.
Hobane ho itswe ke Jehova bakeng sa Shallume, mora Josiase, morena wa Juda, ya kileng a etswa morena bakeng sa Josiase ntatae, mme a tlositswe nqalong ena: Ha a sa tla boela kwano.
Ka baka leo, ho itswe ke Jehova bakeng sa Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda: A ke ke a llelwa ka ho re: Jo! ngwaneso! leha e le: Jo! kgaitsedi! A ke ke a llelwa ka ho re: Jo! morena! Jo! bokgabane ba hae!