Bao ba tswang ho thonngwa ka mabitso a bona ba ne ba tlile moo mehleng ya Esekiase, morena wa Juda; ba ne ba timeditse ditente tsa bona, le Bameunime, mme ba ba neela anathema; le kajeno ho ntse ho le jwalo; ba aha tulong tsa bona; hobane teng ho ne ho na le makgulo a mehlape ya bona.
Esekiase o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e robileng mono o le mong Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Abija, moradi wa Sakaria.