Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 3:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 mora wa hae ke Jorame, mora wa hae ke Akasia, mora wa wa hae ke Joase,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Jehoshafate a tswala Jehorame, Jehorame a tswala Akasiya, Akasiya, a tswala Jowashe,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 3:11
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Akasia, mora Akabe, a re ho Josafate: Bahlanka ba ka ha ba ke ba ye dikepeng le bahlanka ba hao; empa Josafate a se ke a dumela.


Josafate a ntoo orohela ho bontatae, a patwa ho bontatae motseng wa Davida, ntatae; mme mora hae, Jorame, ya eba morena tulong tsa hae.


Empa Josheba, moradi wa morena Jorame, kgaitsedi ya Akasia, a nka Joase, mora Akasia, a mo utswa hara bana ba morena mohla ba bolawang, a mo pata kamoreng ya malao, e le yena le moanyesi wa hae; ba mo patela Athalia jwalo, a tle a se ke a bolawa.


Joase o ne a le dilemo tse supileng, ha a qala ho busa.


Ka selemo sa bosupa sa Jehu, Joase a qala ho busa; a busa ka dilemo tse mashome a mane Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Tsibia wa Beerseba.


Ka selemo sa bohlano sa Jorame, mora Akabe, morena wa Iseraele, [Josafate e le morena wa Juda,] Jorame, mora Josafate, morena wa Juda, a qala ho busa.


Jorame a orohela ho bontatae, a patwa ho bontatae motseng wa Davida, mme Akasia, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Ka selemo sa leshome sa Jorame, mora Akabe, morena wa Iseraele, Akasia, mora Jorame, morena wa Juda, a qala ho busa.


Mora Salomone ke Roboame, mora wa hae ke Abija, mora wa hae ke Asa, mora wa hae ke Josafate,


mora wa hae ke Amatsia, mora wa hae ke Asaria, mora wa hae ke Jothame,


Josafate a orohela ho bontatae, mme a patwa ho bontatae motseng wa Davida; mme Jorame, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Ba futuhela Bajuda, ba pholletsa ka naha ya bona, mme ba hapa matlotlo wohle ao ba a fumaneng tlung ya morena, le bara ba hae, le basadi ba hae; ha a ka a sallwa ke bara, haese ke Joakase, e monyenyane ho bara ba hae.


A kgutlela Jisreele ho ya phekolwa maqeba ao Basiria ba mo ntshitseng wona Rama, mohla a lwanang le Hasaele, morena wa Siria; mme Asaria, mora Jorame, morena wa Juda, a theohela Jisreele ho ya bona Jorame, mora Akabe, kahobane a ne a kula.


Joase o ne a le dilemo tse supileng ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse mashome a mane Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Tsibia wa Beerseba.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ