Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 29:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Setjhaba sa thabela tseo bao ba di ntshitseng ka ho rata; hobane efela e ne e le ka pelo yohle ba neng ba neela Jehova dimpho tsa bona tsa ho rata; le yena morena Davida a di thabela ka thabo e kgolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Setjhaba sa nyakalla, hobane bao ba ne ba ithaopetse ho fana, mme ba efa Morena ka dipelo tsa bona tsohle. Kgosi Davida le yena a thaba haholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 29:9
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Pelo tsa lona tsohle ha e ke e be tsa Jehova, Modimo wa rona, le tle le tsamaye ka melao ya hae, le boloke taelo tsa hae, jwaloka kajeno.


baprista ba ke ba di amohele e mong le e mong ho ba tsebanang le yena, mme ba lokise dikgeo tsa ntlo, kahohle moo dikgeo di ka bonwang.


Yaba Davida o boka Jehova pela phutheho kaofela, a re: Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele ntata rona, o bokwe ka ho sa feleng le ka ho sa feleng!


Hape, Modimo wa ka, ke a tseba hoba o lekola pelo, mme o kgahlwa ke ho loka. Haele nna, ha ke o neetse ntho tseo kaofela ka ho rata, ke ka ho loka ha pelo ya ka; mme jwale ke thabile ha ke bona setjhaba sa hao se leng mona se o ntshetsa dimpho tsa sona ka ho rata.


ya mo hlahlamang e le Amasia, mora Sikri, ya neng a ikgethetse Jehova ka ho rata, a ena le bahale ba dikete tse magkolo a mabedi.


Mahosana wohle le setjhaba sohle ba thaba; ba tlisa, mme ba nokela ditjhelete letloleng, ba ba ba qetella ho ntsha.


Esekiase le mahosana ba ya bona ditha, mme ba boka Jehova le setjhaba sa hae sa Iseraele.


Bohle ba ahisaneng le bona ba ba thusa ka dipitsa tsa silefera le tsa kgauta, le ka mesebetsi, le ka dikgomo, le ka dintho tsa bohlokwa, kantle ho tsohle tse ntshitsweng ka ho rata.


Setjhaba sa hao e tla ba se mafolofolo ka letsatsi la ho futuha ha hao; ka bokgabane bo kgethehileng, ba batjha ba hao ba ya tswa pela hao jwaloka phoka e tswang popelong ya mafube.


Bana ba Iseraele bohle le basadi bohle ba ithatetseng ho tlisa ntho tsa mosebetsi wohle oo Jehova a neng a laetse ka Moshe hore o etswe, ba tlisetsa Jehova dikabelo tsa boithatelo.


Mme ha a fihla hae, a bokelle metswalle ya hae le ba ahisaneng le yena, a re ho bona: Thabang le nna, hobane ke fumane nku ya ka e neng e lahlehile.


Ke le boleletse taba tseo, hore thabo ya ka e dule ho lona, mme thabo ya lona e tlale.


Hobane ho rata ha ho le teng, motho o ye a natefelwe ka seo a nang le sona, e seng ka seo a se hlokang.


Hobane ba ithaopile ho ntsha ka matla a bona — teng ke paki — le ka ho fetisa matla.


Ka baka leo, bana beso ba ratwang, ba hlolohelwang haholo, lona bao le leng thabo ya ka, le moqhaka wa ka, ha le ke le tiye jwalo Moreneng, baratuwa.


Ke thabile haholo Moreneng, kahobane jwale le boetse le nkgopotse; athe le ne le fela le hopotse, empa le ne le hloka sebaka.


Pela ya ka e rata batsamaisi ba Iseraele, ba setjhaba ba dumetseng ho futuha. Bokang Jehova,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ