Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 29:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 hammoho le ditaba tsohle tsa puso ya hae le diketso tsa hae tse phahameng, le ditaba tse hlahileng matsatsing a bophelo ba hae Iseraeleng le mebusong yohle ya mafatshe a mang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

30 Di ngotswe mmoho le tsohle tsa puso ya hae, le tsa bonatla ba hae, le diketsahalo tsohle tse ileng tsa mo hlahela naheng ya Iseraele, le mebusong yohle ya dinaha tse ding.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 29:30
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele taba tse ding tsa Jehu, le tsohle tseo a di entseng, le matla a hae wohle, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?


Haele taba tse ding tsa Jeroboame, le tsohle tseo a di entseng, le matla a hae kamoo a lwanneng kateng, le kamoo a boetseng a hapela Iseraele Damaseka le Hamathe wa Juda kateng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?


Haele ditaba tsa morena Davida, tsa ho qala le tsa ho qetella, bonang, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa Samuele seboni, le bukeng ya ditaba tsa Nathane moporofeta, le bukeng ya ditaba tsa Gade seboni,


Salomone, mora Davida, a tiisetswa boreneng ba hae, mme Jehova Modimo wa hae, a nna a ba le yena, a mo phahamisa haholo.


Ke wona o hlahisang phetoho ya mehla le dinako, o tlosang marena, o phahamisang marena, o neang babohlale bohlale, o neang kelello ho batho ba ratang ho utlwisisa.


Haele hobane o bone e mong wa balebedi ba halalelang a theoha lehodimong, a re: Remang sefate, le se senye; leha ho le jwalo, le siye kutu ya metso ya sona mobung, e mpe e holehuwe ka mahlaahlela a tshepe le a koporo, hara jwang ba dinaha, e be e kolobiswe ke phoka ya lehodimo, e arolelwe jwang ba lefatshe le diphoofolo tsa naha, ho fihlela ngwaha ha o feta hasupa hodima yona;


O tla lelekwa, o tlohe hara batho; o tla ikahela le diphoofolo tsa naha, o tla fuwa jwang, o bo je jwaloka kgomo; o tla kolobiswa ke phoka ya lehodimo, mme ngwaha o tla feta hasupa hodimo hao, ho fihlela o ba o tseba hobane Mookamedi ya phahameng o na le mmuso hodima borena ba motho, le hobane a ka bo fa eo a ratang ho mo fa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ