Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 29:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Hape, ka baka la ho rata ntlo ya Modimo wa ka, kgauta le silefera tseo e leng tsa ka ka sebele, ke di ntshetsa ntlo ya Modimo wa ka, kantle ho tsohle tseo ke li lokiseditseng ntlo ya sehalalelo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Ho feta mona, kaha ke rata Tempele ya Modimo wa ka, kahodima tsohle tseo ke seng ke di lokiseditse Tempele ena e halalelang, le nna ke abela Tempele ena ya Modimo wa ka matlotlo a ka a kgauta le a silefera:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 29:3
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ebile Joase o re ho baprista: Haele tjhelete tsohle tse kgethilweng, tse tliswang ka tlung ya Jehova, le ditjhelete tse ntshwang ke e mong le e mong wa setjhaba, e leng ditjhelete tseo motho ka mong a lekanngwang ka tsona, le ditjhelete tsohle tseo motho a ikgopolelang ka pelong ya hae ho di tlisa ka tlung ya Jehova,


Morena Davida a re ho Ornane: Tjhe, ke tla di reka ka theko ya tsona; hobane nke ke ka isetsa Jehova seo e leng sa hao, mme nke ke ka hlahisa setjheso seo ke sa se ntshetsang letho.


Ke lokiseditse ntlo ya Modimo wa ka, ka matla wohle a ka, kgauta ya ho etsa tsa kgauta, le silefera ya ho etsa tsa silefera, le koporo ya ho etsa tsa koporo, le tshepe ya ho etsa tsa tshepe, le difate tsa ho etsa tsa difate; le mahakwe a onikse, le mahakwe a tla bewa dikoomaneng, le mahakwe a benyang le a mebalabala, le mahakwe a mang a mefuta a bohlokwa, le majwe a maramore e tshweu a mangata.


e le ditalenta tsa kgauta tse dikete tse tharo, tsa kgauta ya Ofire, le ditalenta tsa silefera e hlwekileng tse dikete tse supileng, ho tle ho manehuwe mabota a matlo:


Jehova, ke rata leaho la ntlo ya hao, le nqalo moo kganya ya hao e leng teng.


Ntho e teng eo ke e kopang ho Jehova, eo ke ratang ho e bona, ke hobane ke dule ka tlung ya Jehova ka ditshiu tsohle tsa bophelo ba ka, ke tle ke bohe bokgabane ba Jehova, ke lekodisise tempele ya hae.


Meaho ya hao e rateha hakakang, wena, Jehova wa makgotla!


Hobane tsatsi le le leng le dulwang mabaleng a ntlo ya hao, le fetisa matsatsi a mang a sekete a dulwang hosele. Ho dula mathuleng a ntlo ya Modimo wa ka ke a ho rata ho fetisa ho dula ditenteng tsa bakgopo.


Bua le bana ba Iseraele hore ba nntshetse kabelo ya seo ba nang le sona; le amohele kabelo ya motho ka mong ya nntshetsang yona ka pelo e ntle.


hobane o rata setjhaba sa rona, e bile ke yena ya re hahetseng sinagoge.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ