Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 29:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Haele ditaba tsa morena Davida, tsa ho qala le tsa ho qetella, bonang, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa Samuele seboni, le bukeng ya ditaba tsa Nathane moporofeta, le bukeng ya ditaba tsa Gade seboni,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 Diketso tsa kgosi Davida, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Moporofeta Samuele, le Bukeng ya Moporofeta Nathane, le Bukeng ya Moporofeta Gade.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 29:29
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida, ha a tsoha hosasa, lentswe la Jehova la tlela moporofeta Gade, seboni sa Davida,


Haele taba tse ding tsa Salomone, le tsohle tseo a di entseng, le bohlale ba hae, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa Salomone na?


Haele taba tse ding tsa Roboame, le tsohle tseo a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?


hammoho le ditaba tsohle tsa puso ya hae le diketso tsa hae tse phahameng, le ditaba tse hlahileng matsatsing a bophelo ba hae Iseraeleng le mebusong yohle ya mafatshe a mang.


Bao kaofela ba neng ba kgethilwe ho ba balebedi ba menyako, e ne e le ba makgolo a mabedi a leshome le metso e mmedi. Ba ne ba badilwe ka masika a bona metsaneng ya bona, e le ba neng ba kgethetswe kabelo eo e tiileng, ke Davida le Samuele seboni.


Haele ditaba tsa Roboame, tsa ho qala le tsa ho qetella, ha ke re, di ngodilwe dibukeng tsa Shemaia moporofeta le tsa Iddo seboni, dibukeng tsa meloko? Ntwa ya nna ya eba teng mahareng a Roboame le Jeroboame tshiung tsohle tsa bona.


Ditaba tse ding tsa Amatsia, tsa ho qala le tsa ho qetella, bonang, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya marena a Juda le Iseraele?


Haele taba tse ding tsa Salomone, tsa ho qala ho isa ho tsa ho qetella, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya Nathane moporofeta, le ho ya boporofeta ba Akija wa Silo, le tshenolong ya seboni Iddo bakeng sa Jeroboame, mora Nebathe?


Moporofeta Gade a re ho Davida: O se ke wa dula seqhobong: tsamaya, o ye fatsheng la Juda. Davida a tsamaya kahoo, a tla morung wa Herethe.


[Haele pele, mokgwa Iseraeleng e be e le hore, motho ha a ya botsa Modimo, o ne a re: Tloong, re yeng senoheng; etswe eo kajeno ho thweng ke moporofeta, a ne a bitswa senohe mehleng ya kgale.]


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ