Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 29:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Salomone a dula teroneng ya Jehova, ya eba morena tulong tsa Davida ntatae; a atleha, mme Baiseraele bohle ba mo utlwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Solomone a dula teroneng ya Morena, ya eba kgosi sebakeng sa ntatae Davida, mme a atleha. Baiseraele bohle ba mo hlompha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 29:23
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eya, o kene ka ho morena Davida, o mmolelle, o re: Oho morena, monga ka, na ha o a ka wa hlapanyetsa lekgabunyane la hao, wa re: Salomone, mora hao, o tla busa kamora ka, a dule teroneng ya ka na? Ho ya kang, ha Adonija e le morena?


kajeno ke tla etsa kamoo ke o hlapanyeditseng kateng ka Jehova, Modimo wa Iseraele, ka re: Kannete, Salomone mora hao e tla ba morena kamora ka, a dule teroneng ya ka tulong tsa ka.


Le ntoo kgutla le mo latetse, a tle a dule teroneng ya ka, mme a buse tulong tsa ka; ke mo laetse hore e be modisa wa Iseraele le Juda.


Yaba Salomone o dula teroneng ya ntatae Davida, mme mmuso wa hae wa tiya haholoholo.


Hape, a ya le balaodi ba makgolo, le matona, le dititimi, le setjhaba sohle sa naha, ba theola morena tlung ya Jehova, ba mo isa tlung ya morena ka tsela e yang monyakong wa dititimi, a ba a dula teroneng ya marena.


Jwale, mora ka, Jehova a ke a be le wena, hore o tle o atlehe, mme o hahe ntlo ya Jehova, Modimo wa hao, kamoo a felang a boletse kateng, bakeng sa hao.


Mme hara bara ba ka kaofela — hobane Jehova o nneile bara ba bangata — o kgethile mora ka Salomone, hore a dule teroneng ya mmuso wa Jehova Iseraeleng.


Dihlooho tsohle, le dinatla kaofela, le bara bohle ba morena Davida, ba ipea katlasa morena Salomone.


Salomone, mora Davida, a tiisetswa boreneng ba hae, mme Jehova Modimo wa hae, a nna a ba le yena, a mo phahamisa haholo.


Salomone a re ho Modimo: O etseditse ntate Davida ka lereko le leholo, o bile o mpeile morena tulong tsa hae.


Yaba o ya le balaodi ba makgolo, le baholo, le babusisi ba setjhaba, le setjhaba kaofela sa lefatshe; a theola morena tlung ya Jehova, ba kena tlung ya morena ka monyako o kahodimo, mme ba dudisa morena teroneng ya mmuso.


Salomone a busa Baiseraele ka dilemo tse mashome a mane, a le Jerusalema.


A ho bokwe Jehova, Modimo wa hao, ya kgahlilweng ke wena hore a o bee teroneng, o be morena ho kgahlisa Jehova, Modimo wa hao. Modimo o o beile morena wa Baiseraele, ho ba etsa ka bokgabane le ho loka, kahobane o a ba rata, mme o rata hore o ba phedise ka ho sa feleng.


Jehova o entse hlapanyo ya nnete ho Davida, a ke ke a e kwenehela; o itse: Ke tla bea mora ya tswetsweng ke wena teroneng ya hao.


Dipuo tsa Salomone, mora Davida, morena wa Iseraele,


Motho ka mong a ikokobetse katlasa borena, hobane ha ho borena bo sa tsweng ho Modimo; marena a leng teng a beilwe ke Modimo.


Haele Joshua, mora Nune, o ne a tletse moya wa bohlale; hobane Moshe o ne a mmeile matsoho hodimo; bana ba Iseraele ba mo utlwa, mme ba etsa jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ