Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 29:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ba eja, ba enwa pela Jehova tsatsing lona leo ka thabo e kgolo; ba boela ba bea Salomone, mora Davida, morena la bobedi, ba mo tlotsa pela Jehova, hore e be motsamaisi wa setjhaba, mme Tsadoke a bewa moprista.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Ka lona letsatsi leo ba eja, ba enwa ba nyakaletse haholo, ba le kapele ho Morena. Ba boela ba bea Solomone, mora wa Davida, kgetlo la bobedi, hore e be kgosi; ba mo tlotsetsa Morena, hore e be mmusi e moholo, Sadoke yena e be moprista.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 29:22
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bathe-Sheba a inama, a kgumama fatshe ka sefahleho pela morena, a re: Ha ho phele morena Davida, monga ka, kamehla!


Morena a ba bolella, a re: Nkang bahlanka ba mong a lona, le kallise Salomone, mora ka, esele ya ka; le mo theosetse Gihone;


Morena a bea Benaia, mora Jehojada, molaodi wa makgotla tulong tsa hae; morena a bea le moprista Tsadoke tulong tsa Abiathare.


Esita le ba neng ba le haufi, jwaloka Baissaskare, le Basabulone, le Banefthali, ba tlisa dijo, ba di belesitse diesele, le dikamele, le dimulete, le dipholo, e le mahobe, le diphofo, le dinkgwa tsa difeiye tse omeletseng le tsa merara e omeletseng, le veine, le ole, le dikgomo le dinku tse ngata; hobane ho ne ho thabilwe ke Baiseraele.


Davida o ne a se a tsofetse, a hodile haholo; yaba o bea Salomone, mora wa hae, morena wa Iseraele.


Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e meraro la kgwedi ya bosupa, Salomone a kgutlisa setjhaba, ba ikela hae ditenteng tsa bona ka thabo le ka pelo tse nyakaletseng ke molemo oo Jehova a o etseditseng Davida le Salomone le setjhaba sa hae sa Iseraele.


Yaba setjhaba kaofela se tloha ho ya ja le ho nwa, le ho romela ba bang diabo, le ho etsa monyaka o moholo; kahobane ba ne ba utlwisitse mantswe ao ba a boleletsweng.


Yaba Jethro, mohwehadi wa Moshe, o tlisetsa Modimo setjheso le mahlabelo, mme Aarone le baholo kaofela ba Iseraele ba tla ho tla ja bohobe le mohwehadi wa Moshe, pontsheng ya Modimo.


Ha o a ka wa isa letsoho hodima ba kgethilweng ba bana ba Iseraele; ba bona Modimo, mme ba eja, ba enwa.


Ha ke re, ho molemo ho motho ke hore a nne a je, a nwe, a batlele moya wa hae boiketlo ka ho sebetsa ha hae na? Empa le teng, ke lemohile hobane hoo ho tswa letsohong la Modimo.


Ka ba ka rorisa thabo, ka ho re, ha ho se ka bang molemo ho motho tlasa letsatsi, haese ho ja le ho nwa le ho itumela; ke seo a se sietsweng bakeng sa mokgathala wa hae wa matsatsi wohle a ho phela ha hae, ao Modimo o mo neileng wona tlasa letsatsi.


Ha ho le jwalo, eya, o je bohobe ba hao ka thabo, o nwe veine ya hao ka pelo e nyakaletseng; etswe Modimo o kgahlisitswe le kgale ke diketso tsa hao.


ha ba kena, morena o tla kena le bona, ha ba etswa, ba tle ba tswe hammoho.


Le tla ja teng pela Jehova, Modimo wa lona, le ithabise, lona le ba matlo a lona, ka mesebetsi yohle ya matsoho a lona, eo Jehova, Modimo wa hao, a o hlohonolofaditseng ka yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ