Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 29:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ke lokiseditse ntlo ya Modimo wa ka, ka matla wohle a ka, kgauta ya ho etsa tsa kgauta, le silefera ya ho etsa tsa silefera, le koporo ya ho etsa tsa koporo, le tshepe ya ho etsa tsa tshepe, le difate tsa ho etsa tsa difate; le mahakwe a onikse, le mahakwe a tla bewa dikoomaneng, le mahakwe a benyang le a mebalabala, le mahakwe a mang a mefuta a bohlokwa, le majwe a maramore e tshweu a mangata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Ka matla a ka wohle ke lokisitse dintho tsa Tempele ya Modimo wa ka: Kgauta e tla etsa dintho tsa kgauta, le silefera e tla etsa dintho tsa silefera, le lethose le tla etsa dintho tsa lethose, le tshepe e tla etsa dintho tsa tshepe, le mapolanka a tla etsa dintho tsa mapolanka, le majwe a bohlokwa a oniki, le majwe a phatsimang a tla kgabisa, a mebalabala, le mefuta yohle ya majwe a bohlokwa, le mahakwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 29:2
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgauta ya naha eo e ntle; bedela e teng le lejwe la onikse.


O nee mora ka Salomone pelo e tletseng thato ya ho boloka ditaelo tsa hao le ditemoso tsa hao le melao ya hao, hore a be a di phethe kaofela ha tsona, mme a hahe ntlohadi eo ke lokisitseng ntho tsa yona.


Hape, ka baka la ho rata ntlo ya Modimo wa ka, kgauta le silefera tseo e leng tsa ka ka sebele, ke di ntshetsa ntlo ya Modimo wa ka, kantle ho tsohle tseo ke li lokiseditseng ntlo ya sehalalelo,


Hape, a kgabisa ntlo ka mekgabo ya mahakwe a bohlokwa; kgauta e le kgauta ya Parvaime.


Silefera e na le moo e rafshwang teng, kgauta e na le moo e tjhekwang teng, hore e be e hlwekiswe;


kgauta e hlwekileng a Ofire e ke ke ya lekana le jona; bo fetisa onikse le safire.


O kenye ho wona, ka mokgwa oo mahakwe a bewang ka wona, melana e mene ya mahakwe: molaneng o mong ho bewe rubise, topase, le emeralde, ke molana wa pele;


Mahakwe ao a ke a kenngwe kgauteng, dikoomaneng tsa wona.


O nke mahakwe a mabedi a onikse, o ngole ho wona mabitso a bana ba Iseraele;


molaneng a bone, ha bewa krisolite, le onikse, le jaspe. Mahakwe ana a ne a dikadikeditswe ka kgauta dikoomeneng tsa wona.


Ha sebetswa mahakwe a onikse, a kenngwa dikoomaneng tsa kgauta; a ngolwa ka mokgwa wa tiiso ya mangolo, a ngolwa mabitso a bana ba Iseraele;


Tsohle tse fihlelwang ke letsoho la hao hore di ka sebetswa, o di etse ka matla a hao; hobane nqalong ya bafu moo o yang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.


Botumo ba hae ba utlwahala Siria yohle; ha tliswa ho yena bohle ba seng monate ke malwetse a mefutafuta, le ba tshwerweng ke mafu, le ba nang le bademona, le ba jewang ke sethwathwa, le ba omeletseng ditho; mme a ba fodisa.


Hobane ba ithaopile ho ntsha ka matla a bona — teng ke paki — le ka ho fetisa matla.


Mme seo le se etsang, leha e ka ba eng le eng, le se etse ka pelo e ratang jwaloka hoja le etsetsa Morena, e seng batho;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ