17 Hape, Modimo wa ka, ke a tseba hoba o lekola pelo, mme o kgahlwa ke ho loka. Haele nna, ha ke o neetse ntho tseo kaofela ka ho rata, ke ka ho loka ha pelo ya ka; mme jwale ke thabile ha ke bona setjhaba sa hao se leng mona se o ntshetsa dimpho tsa sona ka ho rata.
17 Hape ke a tseba, Modimo wa ka, hore o leka pelo ya motho, mme o thabela ho loka. Ha e le nna ke o nyeheletse ka dintho tsena tsohle ka boithaopo, ka pelo ya ka yohle. Jwale ke thabetse le ho bona setjhaba sa hao, se teng mona, se o nyehella ka boithaopo.
Haele wena, mora ka Salomone, hlokomela Modimo wa ntatao, mme o o sebeletse ka pelo yohle ya hao le ka moya o o ratang; hobane Jehova o botsisisa dipelo tsohle, mme o lekola merero yohle le mehopolo yohle. Ekare ha o mo batla, o tla fumanwa ke wena; ha o mpa o mo furalla, o tla o lahla ka ho sa feleng.
Jehova, Modimo wa rona, bongata boo ba dintho tseo re di lokiseditseng ho o hahela ntlo ka tsona, ho e hahela lebitso la hao le halalelang, bo tswa letsohong la hao; tsohle ke tsa hao.
Oho, Jehova, Modimo wa bontata rona Abrahama, Isaaka le Iseraele, o nne o boloke kamehla pelong tsa setjhaba sa hao mokgwa oo wa mehopolo ya bona, mme o tiiselletse dipelo tsa bona ho wena.
Setjhaba sa thabela tseo bao ba di ntshitseng ka ho rata; hobane efela e ne e le ka pelo yohle ba neng ba neela Jehova dimpho tsa bona tsa ho rata; le yena morena Davida a di thabela ka thabo e kgolo.
o tshwarele, mme o nee e mong le e mong ka metsamao ya hae, kamoo o tsebang pelo ya hae kateng; hobane ke wena o nnotshi o tsebang dipelo tsa bana ba batho,
Hobane thoriso ya rona ke ho emelwa ke letswalo la rona, hoba re tsamaile lefatsheng, haholoholo hara lona, ke pelo e hlokang mano le ka nnete ya Modimo, e seng ka bohlale ba nama, empa e leng ka mohau wa Modimo.
E mong le e mong a ntshe kamoo a seng a lekantse pele kateng, pelong ya hae; e seng ka ho swaba, leha e le ka ho kgannwa; hobane Modimo o rata ya fanang a thabile.
Hopola tsela yohle eo Jehova, Modimo wa hao, a o tsamaisitseng ka yona feelleng ka dilemo tsena tse mashome a mane, hore o kokobetswe, o lekwe, mme ho bonwe tse pelong ya hao, hore na o tla boloka ditaelo tsa hae, kapa tjhe.
Hobane Lentswe la Modimo ke lentswe le phelang, le matla, mme le fetisa ka bohale disabole tsohle tse leoditsweng ka nqa tse pedi; mme le a hlaba, le ye ho kena le dikgaohanong tsa pelo le tsa moya, le manonyellong le mokong; mme le ahlola maikutlo le mehopolo ya pelo.
Ke tla bolaya bana ba hae ka lefu; mme dikereke tsohle di tla tseba hobane ke nna ya lekolang matheka le dipelo; mme ke tla putsa e mong le e mong wa lona ka ho lekanang mesebetsi ya hae.
Jehova a re ho Samuele: O se ke wa tadima tshobotsi ya hae, leha e le bolelele ba seemo sa hae; nna ke mo lahlile; hobane Jehova ha a bone kamoo motho a bonang kateng; hobane motho o tadima tshobotsi, empa Jehova yena o tadima pelo.