Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 29:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Mme jwale, Modimo wa rona, re a o boka, re rorisa lebitso la hao le kganyang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Re a o leboha Modimo wa rona, re rorisa lebitso la hao le tlotlehang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 29:13
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leruo le kganya di tswa ho wena, mme o rena hodima tsohle. Matla le bonatla di matsohong a hao, hape o na le matla letsohong la hao a ho hodisa le a ho tiisa ntho tsohle.


Hobane nna keng, mme setjhaba sa ka keng, hore re tle re tsebe ho o ntshetsa ntho tsa rona jwaloka ho rata? Athe tsohle di tswa ho wena, mme ke letsoho la hao le re fileng seo re o neang sona.


Rorisang Jehova, le rapele lebitso la hae; tsebisang diketso tsa hae hara ditjhaba.


Bokang Jehova! Rorisang Jehova, hobane o molemo; hobane mohau wa hae ke o sa feleng!


Ke tla o hodisa, Modimo wa ka, Morena wa ka! ke tla boka lebitso la hao kamehla le ka ho sa yeng kae.


Modimo wa bontate, ke a o leboha, ke a o rorisa, hobane o mphile bohlale le matla, le hobane o ntshenoletse seo re se kopileng ho wena, ha o fedile wa re senolela taba eo ya morena.


Empa ho feleng ha motsotso oo, nna Nebukadnesare, ka emisetsa mahlo a ka lehodimong; yaba tsebo e kgutlela ho nna, ka boka Mookamedi ya phahameng, ka roka, ka hodisa ya phelang ka ho sa yeng kae, eo mmuso wa hae e leng mmuso o sa feleng, mme borena ba hae bo nka lelokong le leng ho isa melokong e sa feleng!


Ho roriswe Modimo o re neang ho hlola kamehla ka Kreste, o hasetsang hohle ka rona monkgo wa tsebo ya wona!


A re leboheng Modimo, o kentseng tjheseho e le nngwe pelong ya Tite le ho ya ka ka baka la lona.


Ho bokwe Modimo ka neo ya wona e se nang ho bolelwa.


Hobane ke tla bolela lebitso la Jehova: Rorisang Modimo wa rona!


Ka baka leo, le rona ha re phetse ho leboha Modimo kahobane, mohla le amohetseng lentswe la Modimo, leo le le utlwileng ho rona, le le amohetse e seng jwaloka hoja e le lentswe la batho, empa la kgolwa hore ke lentswe la Modimo, jwalokaha e le lona ka sebele, le sebetsang ka ho lona ba dumetseng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ