Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 29:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Leruo le kganya di tswa ho wena, mme o rena hodima tsohle. Matla le bonatla di matsohong a hao, hape o na le matla letsohong la hao a ho hodisa le a ho tiisa ntho tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Maruo le hlompho di tswa ho wena, tsohle di buswa ke wena; tsoho la hao le matla, le sefea, ho phahamisa le ho matlafatsa bohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 29:12
40 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mme jwale, Modimo wa rona, re a o boka, re rorisa lebitso la hao le kganyang.


ka baka leo, o se o neilwe bohlale le kelello; ke o neile le lefumo, le menono, le botumo boo le pele ho esong ho be morena ya bileng le bona, le morao ho ke keng ha hlaha le a mong ya tla ba le bo bokalo.


Ruri, mahlo a Jehova a qamaka lefatsheng lohle hore a emele bao pelo tsa bona e leng tsa hae kaofela. O entse ka bothoto; hobane ho qala jwale, o tla nne o hlahelwe ke dintwa.


Jehova, Modimo wa bontata rona, na hase wena Modimo mahodimong? Na hase wena o busang mebuso yohle ya lefatshe? Na matla le bonatla ha di letsohong la hao, hore ho se be motho ya ka o hlolang?


A ikgahela le metse, le ho ipatlela mehlape e mengata ya makgomo le ya manku; hobane Modimo o ne o mo file maruo a maholo haholo.


Mme Jehova a ntsha Jobo ditlamong tsa hae, ha a se a rapeletse metswalle ya hae; mme Jehova a mo atisetsa habedi tseo a neng a ena le tsona pele.


Ha nka ipiletsa matleng, o re: Ke nna ya matla; kapa ho lokeng, o re: Ke mang ya tlang ho mpiletsa nyeweng?


Jehova o beile terone ya hae mahodimong, mme borena ba hae bo busa dintho tsohle.


Jehova ke matla a setjhaba sa hae, ke qhobosheane ya poloko ho motlotsuwa wa hae.


Bara ba Modimo, busetsang ho Jehova, busetsang ho Jehova kganya le hlompho;


Jehova o tla nea setjhaba sa hae matla; Jehova o tla hlohonolofatsa setjhaba sa hae ka kgotso.


Modimo o boletse hang, mme ke utlwile habedi, ha ho thwe: Matla ke a Modimo;


le wona mohau ke wa hao, Morena, hobane o busetsa ho e mong le e mong ho lekanang mesebetsi ya hae.


Lehlohonolo la Jehova le entsha motho, hase mokgathala wa hae o mo ekeletsang leruo.


Menono le hlompho di ho nna, maruo a sebele le hona ho loka.


Efela ha Modimo o neile motho e mong leruo le monono, ha o mo neile le tokelo ya ho di ja le ho ingwathela ho tsona le ho thabela mosebetsi wa hae, hoo ke mpho ya Modimo;


O fa ya kgathetseng matla, o atisa matla ho ya fokotseng.


Le ho tloha tsatsing lena, e sa ntsane e le nna, ha ho motho ya ka ntshang ho hong letsohong la ka; seo ke se etsang, se ka thibelwa ke mang?


Ho tla thwe: Ruri, ho loka le matla di tswa ho Jehova a nnotshi; bohle ba mo halefetseng ba tla tla ho yena, ba tle ba hlabiswe dihlong.


Ke nna, haesale ho hlaheng, ke bolelang tse tlang ho tla, le kgale ke boletse tse esong ho hlahe. Ke re: Morero wa ka o tla tiya, ke tla phetha thato ya ka kaofela.


Daniele a re: Ho bokwe lebitso la Modimo kamehla le mehla, hobane efela o na le bohlale le matla!


wa hore, bophareng bohle ba mmuso wa ka, batho ba tshohe, mme ba tshabe Modimo wa Daniele; etswe e le Modimo o utlwang, o leng teng ka ho sa feleng; mmuso wa wona o ke ke wa fediswa, le borena ba wona bo ya nne bo hlolehe ho isa bofelong.


Yaba Jesu o atamela, a bua le bona, a re: Ke neilwe borena bohle lehodimong le lefatsheng.


Jesu a araba, a re: O ka be o se na matla ho nna le hanyenyane, hojane ha o a a newa a etswa hodimo; ka baka leo, ya nneetseng wena o na le sebe se fetisang.


Ke a rapela hore a le nee, ka monono wa kganya ya hae, hore le tiiswe ka matla mothong wa kahare ke Moya wa hae,


Ho yena ya ka tsebang, ka matla a hae a sebetsang ho rona, ho etsa ho fetisang haholo tsohle tseo re ka di qelang le tseo re ka di hopolang,


O mpe o hopole Jehova, Modimo wa hao, hobane ke yena ya o neang matla a ho rua dintho tseo, hore a tiise selekane sa hae, seo a se anetseng bontatao, jwalokaha ho le jwalo le kajeno.


le ntse le tiile ka nqa tsohle ka matla a wona a kganyang, ho ba le mamello nthong tsohle le sebete se selelele ka thabo;


E le hore tjhaba tsohle tsa lefatshe di tle di tsebe letsoho la Jehova hobane le matla, le hore le tshabe Jehova, Modimo wa lona, kamehla.


ba re: Re a o leboha, Morena, Modimo o matla wohle, o leng teng, o neng o le teng, o tla nne o be teng, hobane o nkile matla a hao a maholo, mme wa rena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ