Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 28:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Haele wena, mora ka Salomone, hlokomela Modimo wa ntatao, mme o o sebeletse ka pelo yohle ya hao le ka moya o o ratang; hobane Jehova o botsisisa dipelo tsohle, mme o lekola merero yohle le mehopolo yohle. Ekare ha o mo batla, o tla fumanwa ke wena; ha o mpa o mo furalla, o tla o lahla ka ho sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 “Jwale wena Solomone, mora wa ka, tseba Modimo wa ntatao, o mo sebeletse ka pelo ya hao yohle, le ka maikutlo a hao wohle. Morena o lekola dipelo tsohle, mme o tseba menahano yohle, le mehopolo yohle. Ha o ka mmatla, o tla mo fumana, empa haeba o ka mo furalla, o tla o lahlela ruri!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 28:9
79 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A bona le Jehova a eme hodima yona, a re: Ke nna Jehova, Modimo wa Abrahama, ntatao, le Modimo wa Isaaka. Naha eo o robetseng ho yona, ke tla e nea wena le ditloholo tsa hao.


Jehova a bona bolotsana ba batho hoba bo boholo lefatsheng, le hoba mmopo wa mehopolo yohle ya dipelo tsa bona o mobe feela ka matsatsi wohle.


Jehova a fofonela monko o monate, mme Jehova a re ka pelong ya hae: Nke ke ka boela ka rohaka lefatshe ka baka la batho, etswe mehopolo ya motho e le mebe le botjheng ba hae, mme nke ke ka boela ka otla dintho tsohle tse utlwang, jwalokaha ke tswa etsa.


Salomone a re: O entse ntate Davida, mohlanka wa hao, ka lereko le leholo kamoo a nnileng a tsamaya pela hao kateng, ka nnete, le ka ho loka, le ka bokgabane ba pelo; o mmoloketse tshitso e kgolo ka ho mo nea mora, hore a dule teroneng ya hae, jwalokaha ho le jwalo kajeno.


o mamele, o le mahodimong, tulong tsa hao, o tshwarele, o etse, o nee e mong le e mong ka metsamao ya hae, kamoo o tsebang pelo ya hae kateng; hobane ke wena o nnotshi o tsebang dipelo tsa bana ba batho bohle;


o mamele, o le mahodimong, tulong tsa hao, mme o etse ka tsohle tseo motho eo wa moditjhaba a tla di kopa ho wena, hore ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tle di tsebe lebitso la hao, di o tshabe, jwalokaha setjhaba sa hao sa Iseraele se o tshaba; mme di tsebe hobane lebitso la hao le rapelwa tlung ena ke e hahileng.


Pelo tsa lona tsohle ha e ke e be tsa Jehova, Modimo wa rona, le tle le tsamaye ka melao ya hae, le boloke taelo tsa hae, jwaloka kajeno.


Oho, Jehova, hopola hle kamoo ke tsamaileng pela hao kateng, ka nnete le ka pelo yohle, ka etsa ho leng hotle mahlong a hao. Mme Esekiase a lla haholo.


A furalla Jehova, Modimo wa bontatae; mme ha a ka a tsamaya ka tsela ya Jehova.


A etsa ho lokileng mahlong a Jehova, a ya le ka mehlala yohle ya ntatae Davida, a se ke a kgelohela ho le letona leha e le ho le letshehadi.


Jwale, sekamisetsang pelo tsa lona le meya ya lona ho batla Jehova, Modimo wa lona; le eme, mme le hahe sehalalelo sa Jehova Modimo, hore le tle le tlise areka ya selekane sa Jehova le diphahlo tse kgethehileng tsa Modimo tlung e tla hahelwa lebitso la Jehova.


Jwale, mahlong a Baiseraele bohle, a phutheho ya Jehova, Modimo wa rona ha o ntse o re utlwa, ke re: Bolokang, le batle ditaelo tsohle tsa Jehova, Modimo wa lona, hore le nne le rue fatshe lena le molemo, mme le le siele bara ba lona e le lefa la bona kamora lona, ka ho sa feleng.


Setjhaba sa thabela tseo bao ba di ntshitseng ka ho rata; hobane efela e ne e le ka pelo yohle ba neng ba neela Jehova dimpho tsa bona tsa ho rata; le yena morena Davida a di thabela ka thabo e kgolo.


Yaba moporofeta Shemaia o ya ho Roboame le ho dihlooho tsa Juda tse neng di bokanetse Jerusalema ka baka la ntwa ya Shishake, a re ho bona: Jehova o re: Le mphuraletse, le nna ke le furaletse, ke bile ke le neetse matsohong a Shishake.


a tswela ho ya kgahlanyetsa Asa, a re ho yena: Asa, le lona Bajuda bohle le Benjamine, mmameleng. Jehova o na le lona mohla lona le nang le yena. Ha le ka nna la mmatla, o tla nne a fumanwe ke lona: mme ha le ka mo furalla, o tla le furalla le yena.


o tshwarele, mme o nee e mong le e mong ka metsamao ya hae, kamoo o tsebang pelo ya hae kateng; hobane ke wena o nnotshi o tsebang dipelo tsa bana ba batho,


Hobane ke ne ke le dihlong tsa ho kopa sehlopha sa bahlabani le bapalami ho morena ho re lwantshetsa dira tseleng, etswe re ne re boleletse morena, ra re: Letsoho la Modimo wa rona le emela bohle ba o batlang, athe matla le bohale ba wona di lwantsha bohle ba o furallang.


Ke tla tsamaya ka tlung ya ka ka pelo e lokileng.


O tseba ha ke dula, leha ke tsoha; o tseba mohopolo wa ka, o le hole.


O lekola pelo ya ka, o e batlisisa le ka bosiu; o ntekile, mme ha o ka wa fihlela bobe ho nna; bokgopo ha bo yo molomong wa ka.


wena Jehova, lefika la ka, qhobosheane ya ka, monamoledi wa ka, Modimo wa ka, lefika la ka leo ke tshabelang ho lona, thebe ya ka, lenaka la poloko ya ka, le qhobosheane e phahameng ya ka!


Thebe ya ka e ho Modimo o lwelang ba pelo tse lokileng.


Lonya la bakgopo ha le ke le fele, o tiise ya lokileng, wena ya lekolang dipelo le matheka, Modimo o lokileng!


Yena o tla bitsa ho nna, a re: Ke wena ntate, Modimo wa ka, le lefika la poloko ya ka!


Leha ho le jwalo, o lelekile motlotsuwa wa hao, o mo lahlile, o mo halefetse;


Ba tsebang lebitso la hao ba itshepisa ka wena; hobane wena, Jehova, ha o tlohele ba o batlang.


Matla a ka le thoko ya ka ke Jehova, ebile yena ho pholoha ha ka: ke yena Modimo wa ka, ke tla mo rorisa; ke Modimo wa ntate, ke tla mo tlotlisa.


Tsamaya, o phuthe baholo ba Iseraele, o re ho bona: Jehova, Modimo wa bontata lona, Modimo wa Abrahama, wa Isaaka le wa Jakobo, o iponahaditse ho nna, wa re: Ho le lekola, ke le lekotse; ke bone seo le se etswang Egepeta;


Silefera e qhibidiswa pitseng ya lesehla, kgauta e bediswa seboping; empa ya lekang dipelo ke Jehova.


O mo kenye mererong ya hao yohle, mme o tla o tsamaisa ditseleng tsohle tsa hao.


ntate o ne a nthuta, a re ho nna: Pelo ya hao e boloke dipolelo tsa ka hantle, o lotolotse dikeletso tsa me, mme o tla phela.


Empa bahanyetsi le baetsadibe ba tla thuhwa hammoho, ba kwenehetseng Jehova ba ya timela.


a re: Oho Jehova, hopola hle kamoo ke tsamaileng pela hao kateng, ka nnete le ka pelo yohle, ka etsa ho leng hotle mahlong a hao! Mme Esekiase a lla haholo.


Ha ke a ka ka bolela sephiring, leha e le nqalong e lefifi ya lefatshe, ha ke a ka ka re ho moloko wa Jakobo: Le mpatle feela. Nna, Jehova, ke bolela nnete, ke tsebisa se lokileng.


Empa, oho Jehova wa makgotla, moahlodi ya lokileng ya lekang matheka le dipelo, ke tla bona boiphetetso ba hao ho bona, hobane ke o laeleditse nyewe ya ka.


Ke nna Jehova ke lekolang pelo, ke lekang matheka, ke tle ke busetse ho e mong le e mong ka mokgwa wa hae le ka tholwana ya diketso tsa hae.


Jehova wa makgotla o leka ya lokileng, o sheba matheka le dipelo. Nke ke bone boiphetetso ba hao ho bona, hobane ke o laeleditse nyewe ya ka.


O ne a ahlolela mofumanehi le mofutsana, o ne a ena le kgotso ke hona. Na hoo hase ho ntseba na, ho bolela Jehova?


Ke tla ba nea pelo e ntsebang hoba ke Jehova; mme e tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona, hobane ba tla sokolohela ho nna ka pelo yohle.


Le tla mpatla, le be le mphumane, hobane le tla mpatla ka pelo tsohle tsa lona.


Ke tla nne ke fumanwe ke lona, ho bolela Jehova, mme ke tla busetsa ba lona ba kgolehong, ke le bokelle ditjhabeng tsohle le dinqalong tsohle moo ke le qhalanyeditseng teng, ho bolela Jehova; ke tla le busetsa nqalong ena eo ke le faladitseng ho yona.


Ha ba sa tla ruta e mong le e mong molekane wa hae, ha ho motho ya tla ruta wa habo ka ho re: Tseba Jehova! hobane ba tla ntseba kaofela, ho qala ka e monyenyane ho bona ho isa ho e moholo, ho bolela Jehova; hobane ke tla ba lesella bokgopo ba bona, mme ha ke sa tla hopola dibe tsa bona.


Empa ya ithorisang a ke a ithorisetse hona: ha a etsa ka bohlale, a ntseba, hobane ke nna Jehova ke etsang mohau, le kahlolo, le ho loka lefatsheng, hobane ke kgahliswa ke tseo, ho bolela Jehova.


Yaba moya wa Jehova o nkwela hodimo, wa re ho nna: Ere: Jehova o re: Le itsalo, lona ntlo ya Iseraele; leha e le se hlahang kelellong tsa lona, ke a se tseba.


Morena Jehova o re: Tsatsing leo, mehopolo e tla nyoloha pelong ya hao, o tla qapa morero o mobe,


Utlwang lentswe la Jehova, lona bana ba Iseraele! Hobane Jehova o ya tsekisa baahi ba lefatshe, hobane ha ho nnete le mohau lefatsheng, mme Modimo ha o tsejwe teng.


Setjhaba sa ka se fela ke ho hloka tsebo. Wena, kahobane o nyedisitse tsebo, ke tla o nyedisa, o se hlole o eba moprista wa ka; kahobane o lebetse molao wa Modimo wa hao, le nna ke tla lebala bara ba hao.


Nathanaele a re ho yena: Na ntho e molemo e ka tswa Nasaretha na? Filipi a re ho yena: Tloo, o bone.


Mme bophelo bo sa feleng, ke hore ba o tsebe, wena Modimo o nnotshi wa nnete, le Jesu Kreste eo o mo romileng.


le kahobane a ne a sa tshwanele a ka bolellwa tsa motho ke e mong; hobane o ne a itsebela se leng teng ka ho motho.


A ba a re ho yena la boraro: Simone, mora Jona, a o a nthata na? Petrose a swaba ke hobane a bile a mmotsa la boraro, a re: A o a nthata na? A re ho yena: Morena, o tseba tsohle; o tseba hoba ke a o rata. Jesu a re ho yena: Alosa dinku tsa ka.


Modimo ke Moya: ba o rapelang e ka kgona ba rapele ka moya le ka nnete.


Athe ha le mo tsebe. Nna, ke a mo tseba; ha nka re, ha ke mo tsebe, nka ba leshano jwaloka lona; empa ke a mo tseba, mme lentswe la hae ke a le boloka.


Ba rapela, ba re: Oho, Morena, wena ya tsebang dipelo tsa bohle, e be wena o supang eo o mo kgethileng ho ba babedi bana;


Hobane ke itse ke ya le motse, ke tadimile ditshwantsho tse medimo ya lona, ka fihlela le aletare moo ho ngodilweng lengolo le kgethelo le reng: Ho Modimo o sa tsejweng! Modimo oo le o rapelang le sa o tsebe, ke wona oo nna ke le bolellang wona.


Modimo ha o se o lesitse ditshiu tseo tsa ho se tsebe hore di fete, jwale, o bolella batho bohle, naheng tsohle, hore ba bake.


Hlaphohelwang, le se otsele, le phele ka ho loka, le se ke la etsa sebe; hobane ba bang ba hloka tsebo ya Modimo; ke le bolella hoo, e be dihlong ho lona.


Hobane Modimo o kileng wa re: Lesedi le hlahe lefifing, ke wona o bonesitseng dipelong tsa rona, ho hlahisa lesedi la tsebo ya kganya ya Modimo e bonahalang ho Jesu Kreste.


Hobane ho rata ha ho le teng, motho o ye a natefelwe ka seo a nang le sona, e seng ka seo a se hlokang.


E mong le e mong a ntshe kamoo a seng a lekantse pele kateng, pelong ya hae; e seng ka ho swaba, leha e le ka ho kgannwa; hobane Modimo o rata ya fanang a thabile.


Mme jwale, Iseraele, Jehova, Modimo wa hao, o batlang ho wena, haese hore o tshabe Jehova, Modimo wa hao, o tsamaye tseleng tsa hae tsohle, o mo rate, mme o sebeletse Jehova, Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle,


Etlare ha ba hlahelwa ke mahloko le mahlomola a mangata, sefela sena se tla ba qosa, jwaloka paki, hobane se ke ke sa lebalwa ke melomo ya ditloholo tsa bona; etswe ke tseba merero ya dipelo tsa bona, eo ba e etsang kweno, ha ke eso ho ba kenye lefatsheng leo ke anneng hore ke tla ba nea lona.


Tseo o ile wa di bontshwa hore o tle o tsebe hobane Jehova, ke Modimo, le hobane ha ho o mong kantle ho yena.


Ka baka leo, haele moo re amohetse mmuso o sa sisinyeheng, a re ke re be le teboho eo re sebeletsang Modimo ka yona ka mokgwa o o khahlisang, ka hlompho le ka tshabo;


Ha ho sebopuwa se seng pepeneneng ho wona; empa tsohle di hlobotse, di senohile mahlong a eo re nang le ditaba le yena.


ke re: Alosang mohlape wa Modimo o ho lona, le o lebele, e eng ka ho qophellwa, e mpe e be ka ho rata; e seng ka baka la moruo o mobe, e mpe e be ka ho rata;


Ke tla bolaya bana ba hae ka lefu; mme dikereke tsohle di tla tseba hobane ke nna ya lekolang matheka le dipelo; mme ke tla putsa e mong le e mong wa lona ka ho lekanang mesebetsi ya hae.


Samuele a re ho setjhaba: Se tshabeng; leha le entse bobe bo bokalo, feela le se ke la furalla Jehova, le sebeletse Jehova ka pelo tsohle tsa lona.


Jehova a re ho Samuele: O se ke wa tadima tshobotsi ya hae, leha e le bolelele ba seemo sa hae; nna ke mo lahlile; hobane Jehova ha a bone kamoo motho a bonang kateng; hobane motho o tadima tshobotsi, empa Jehova yena o tadima pelo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ