Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 28:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Mme hara bara ba ka kaofela — hobane Jehova o nneile bara ba bangata — o kgethile mora ka Salomone, hore a dule teroneng ya mmuso wa Jehova Iseraeleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Morena o mphile bara ba bangata, mme hara bara bohle o kgethile Solomone, mora wa ka, ho dula teroneng ya mmuso wa Morena, a buse Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 28:5
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eya, o kene ka ho morena Davida, o mmolelle, o re: Oho morena, monga ka, na ha o a ka wa hlapanyetsa lekgabunyane la hao, wa re: Salomone, mora hao, o tla busa kamora ka, a dule teroneng ya ka na? Ho ya kang, ha Adonija e le morena?


Oho morena, monga ka, mahlo a Baiseraele bohle a shebile wena, hore o ba tsebise hore e tla ba mang ya tla dula teroneng ya morena, monga ka, kamora hao!


kajeno ke tla etsa kamoo ke o hlapanyeditseng kateng ka Jehova, Modimo wa Iseraele, ka re: Kannete, Salomone mora hao e tla ba morena kamora ka, a dule teroneng ya ka tulong tsa ka.


Le ntoo kgutla le mo latetse, a tle a dule teroneng ya ka, mme a buse tulong tsa ka; ke mo laetse hore e be modisa wa Iseraele le Juda.


Adonija a re: O a tseba hoba mmuso e be e le wa ka, le hobane Baiseraele bohle ba ne ba ntadimile hore ke buse; empa mmuso o fetohile, o abetswe ngwaneso, kahobane e bile wa hae ka taelo ya Jehova.


Jehova o hlahisitse seo molomo wa hae o se boletseng, hobane ke eme tulong tsa ntate Davida, ke bile ke dutse teroneng ya Iseraele, jwalokaha Jehova a ne a boletse, ke bile ke hahetse lebitso la Jehova, Modimo wa Iseraele, ntlo.


ke mpa ke tla mmea tlung ya ka le mmusong wa ka ka ho sa feleng, mme terone ya hae e tla tiya ka ho sa feleng.


Davida o ne a se a tsofetse, a hodile haholo; yaba o bea Salomone, mora wa hae, morena wa Iseraele.


Yaba morena Davida o re ho phutheho kaofela: Mora ka Salomone eo Modimo o mo kgethileng a nnotshi, o sa le motjha, hape o monyenyane; athe mosebetsi o moholo; hobane ntlohadi eo hase ya motho, e mpa e le ya Jehova Modimo.


Salomone a dula teroneng ya Jehova, ya eba morena tulong tsa Davida ntatae; a atleha, mme Baiseraele bohle ba mo utlwa.


A shwa a tsofetse haholo, a tletse matsatsi le maruo le kganya; mme Salomone, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


A ho bokwe Jehova, Modimo wa hao, ya kgahlilweng ke wena hore a o bee teroneng, o be morena ho kgahlisa Jehova, Modimo wa hao. Modimo o o beile morena wa Baiseraele, ho ba etsa ka bokgabane le ho loka, kahobane o a ba rata, mme o rata hore o ba phedise ka ho sa feleng.


o ipeele morena ya tla kgethwa ke Jehova, Modimo wa hao; motho ya tla bewa morena ke wena, e be e mong wa banabeno; o ke ke wa bea moditjhaba, e leng motho eo e seng ngwaneno.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ