Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 28:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Jehova, Modimo wa Iseraele, o ne a nkgethe hara bohle ba ntlo ya ntate hore ke be morena wa Iseraele ka ho sa feleng; hobane o fela a kgethile Juda ho mo etsa motsamaisi; tlung ya Juda o kgethile ntlo ya ntate, mme hara bara ba ntate o kgahlilwe ke nna ho nketsa morena wa Baiseraele bohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 “Leha ho le jwalo, Morena Modimo wa Iseraele, o kgethile nna, ho ba lelapa lohle la ntate, hore ke be kgosi ya Iseraele kamehla yohle. O kgethile Juda ho ba moetapele, mme morabeng wa Juda o kgethile lelapa leso. Hara bana beso o ile a kgahlwa ke nna, mme a mpea kgosi ya Iseraele yohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 28:4
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Baholo bohle ba Iseraele ba tla jwalo ho morena, Hebrone, mme morena Davida a hlaba selekane le bona Hebrone, pela Jehova, mme teng ba tlotsa Davida, hore e be morena wa Iseraele.


Mme jwale, Jehova, lentswe leo o le boletseng bakeng sa mohlanka wa hao le bakeng sa ntlo ya hae, le ke le netafale ka ho sa feleng, mme o etse kamoo o boletseng kateng.


Mme jwale, ako hlohonolofatse ntlo ya mohlanka wa hao, hore e nne e hlole e le teng ka ho sa feleng pontsheng ya hao; hobane seo o se hlohonolofatsang, Jehova, eba se hlohonolofetse ka ho sa feleng.


Hobane ke Juda ya ileng a feta banababo, mme ke ho yena ho tswileng morena; leha ho le jwalo, ditokelo tsa boholo ba ho tswalwa e ne e le tsa Josefa.


ke mpa ke kgethile Jerusalema hore lebitso la ka le be hona teng, mme ke kgethile Davida hore e be morena wa setjhaba sa ka sa Iseraele.


Gileade ke wa ka; Manasse ke wa ka, Efraime ke tshireletso ya hlooho ya ka; Juda ke eo ke mmeileng ho laela melao ya ka;


A nntshetsa sebakeng, a mpholosa; hobane a ne a nthata.


Gileade ke wa ka; Manasse ke wa ka; Efraime ke tshireletso ya hlooho ya ka, mme Juda ke lere la ka la borena;


Ke tla tiisa leloko la hao ka ho sa yeng kae, ke tiise terone ya hao ho isa melokong yohle. (Sela.)


hobane ho tsejwa hoba Morena wa rona o hlahile lelokong la Juda, e leng leo Moshe a sa kang a le abela boprista.


Yaba Jehova o re ho Samuele: O tla hlomohela Saule ho le hokae, athe ke mo lahlile, hore e se hlole e eba morena wa Iseraele? Tlatsa lenaka la hao ole, o ye, ke o rome ho Jese wa Bethlehema, hobane ke iponetse morena hara bara ba hae.


Ba Sife ba boela ba tla ho Saule, Gibea, ba re: Ha re re, Davida o ipatile leralleng la Hakila, le pela lefeella na?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ