Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 28:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Bona hape, dihlopha tsa baprista le tsa Balevi ke tseo, kamoo di lokiseditsweng tshebeletso yohle ya ntlo ya Modimo kateng; hape, bakeng sa mosebetsi wohle, o na le banna bohle ba pelo tse ratang, ba masene mesebetsing yohle; hapehape, dihlooho le sona setjhaba kaofela ha sona di tla ba teng ho wena, ho etsa tsohle tseo o tla di laela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 Dihlopha tsa baprista le tsa Balevi di tla o thusa mosebetsing wohle wa Tempele ya Modimo. Banna bohle ba ditsebi ba tla o thusa mesebetsing yohle e batlang tsebo; le mahosana le setjhaba sohle se tla mamela taelo ya hao.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 28:21
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya leshome le metso e robileng meno e le mmedi ya ntsha Hanani; yena le bara ba hae le banababo ba ne ba le leshome le metso e mmedi.


Shelomithe eo le banababo ba bewa balebedi ba matlotlo wohle a dintho tse halalelang tseo morena Davida, le dihlooho tsa matlo, le balaodi ba dikete le ba makgolo, le balaodi ba bang ba makgotla, ba neng ba di kgethetse Jehova;


a mmolella le tsa dihlopha tsa baprista le Balevi, le tsa tshebeletso yohle ya ntlo ya Jehova, le tsa mesebetsi yohle ya tshebeletso ya ntlo ya Jehova.


Setjhaba sa hao e tla ba se mafolofolo ka letsatsi la ho futuha ha hao; ka bokgabane bo kgethehileng, ba batjha ba hao ba ya tswa pela hao jwaloka phoka e tswang popelong ya mafube.


ke mo tlatsitse ka moya wa Modimo, ka bohlale, ka kutlwisiso, ka tsebo, hore a tle a tsebe ho etsa mesebetsi ya mefutafuta,


Basadi bohle ba masene ba loha ka matsoho a bona, mme ba tlisa seo ba se lohileng, e le purepera, sekarelata, le krimsone, le lene e ntle.


Jwale, Betsaleele le Oholiabe, le banna bohle ba masene bao Jehova a ba neileng bohlale le kutlwisiso ya tsebo le ya ketso, ba tla ho etsa mosebetsi wohle wa tshebeletso ya sehalalelo, kahohle kamoo Jehova a laetseng kateng.


Yaba Moshe o bitsa Betsaleele le Oholiabe, le banna bohle ba masene bao Jehova a kentseng bohlale pelong tsa bona, e leng bohle ba kgannilweng ke pelo tsa bona ho tla etsa mosebetsi.


Motho ka mong a ikokobetse katlasa borena, hobane ha ho borena bo sa tsweng ho Modimo; marena a leng teng a beilwe ke Modimo.


O ba hopotse ho utlwa dihlooho le marena, ho ya ka melao, ho lokela mesebetsi yohle e metle;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ