Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 28:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Davida a eketsa a re ho Salomone, mora hae: Iphe matla, mme o tiye, mme o etse. Se tshabe, mme o se ke wa tshoha; hobane Jehova Modimo, Modimo wa ka, o tla nne a be le wena; a ke ke a o tlohela, a ke ke a o furulla, ho be ho phethehe mosebetsi wohle wa tshebeletso ya ntlo ya Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Davida a boela a re ho mora wa hae Solomone: “Eba monna, o be sebete, o etse jwalo. O se ke wa tshaba, kapa wa tsieleha, hobane Morena Modimo, e leng Modimo wa ka, o tla ba le wena. Ha a ka ke a o lahla, kapa a o furulla, ho fihlela o qeta mosebetsi wohle wa ho haha Tempele ya Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 28:20
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ka selemo sa leshome le motso o mong, ka kgwedi ya Bule, e leng kgwedi ya boroba meno e le mmedi, ntlo ya phethwa hohle le ka tshwanelo yohle. A e haha ka dilemo tse supileng.


Ke hona o tla atleha, ha o iponela hore o etse ka melao le ditaelo tseo Jehova a di laetseng Moshe bakeng sa Iseraele. Iphe matla, o tiye; se tshabe, mme o se ke wa tshoha.


Bona jwale hoba Jehova o o kgethile hore o hahe ntlo e tla ba sehalalelo. Iphe matla, mme o etse.


Bonang, Amaria, moprista e moholo, e tla ba yena hlooho ya lona tabeng tsohle tsa Jehova; Sebadia, mora Ishmaele, hlooho ya ntlo ya Juda, yena e tla ba hlooho ya lona ditabeng tsohle tsa morena; hape Balevi e tla ba bahlahlobi pela lona. Ipheng matla, le etse, mme Jehova a be le motho ya etsang hantle.


Ema, hobane taba ena ke ya hao; re tla o emela, o iphe matla, o sebetse.


o se ke wa tshaba, hobane ke na le wena; o se ke wa tshoha, hobane ke Modimo wa hao; ke tla o fa matla, ke o thuse, ke o tiise ka letsoho la ka le letona la ho loka ha ka!


Hobane ke nna Jehova, Modimo wa hao, ya o tshwereng ka letsoho la hao le letona, ya reng ho wena: Se tshabe, ke nna ke o thusang.


Haggai, lenqosa la Jehova, a bua le setjhaba ka taelo ya Jehova, a re: Ke na le lona, ho bolela Jehova.


Jwale, kgothala, Sorobabele! ho bolela Jehova; Kgothala, le wena Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake! Kgothalang, le lona setjhaba sohle sa naha ena, ho bolela Jehova, le be le sebetse; hobane ke na le lona, ho bolela Jehova wa makgotla;


Ana re tla reng tabeng tseo na? Ha Modimo o eme le rona, ke mang ya ka hanang ho rona na?


Fadimehang, le tiye tumelong; le etse ka senna, le matlafale.


Ipheng matla, mme le tiye dipelo; se tshabeng, mme le se ke la ba tshoha, hobane Jehova, Modimo wa hao, ke yena ya tsamayang le wena; a ke ke a o tlohela, a ke ke a o lahla.


Hobane Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo o mohau; a ke ke a o tlohela, a ke ke a o timetsa, mme a ke ke a lebala selekane sa bontatao, seo a ba hlapanyeditseng sona.


Ketso tsa lona di hloke takatso ya ho rua; le kgolwe ke tseo le nang le tsona; hobane Modimo ka sebele o itse: Nke ke ka o tlohela, nke ke ka o lahla.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ