Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 28:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Morena Davida a ema ka maoto, a re: Banabeso le setjhaba sa ka, mmameleng. Kgopolo ya pelo ya ka e ne e le hore ke hahele areka ya selekane sa Jehova ntlo ya phomolo, e tle e be bonamelo ba maoto a Modimo wa rona; ke ne ke se ke qadile ho lokisa tse tla haha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Jwale kgosi Davida a ema, a re: “Mmameleng, lona bana beso, le setjhaba sa heso. Ke ne ke ena le maikutlo a ho hahela areka ya selekane sa Morena Tempele, eo e tla dula ka ho yona, le moo Modimo wa rona a tla namela teng, mme ke se ke entse ditokiso tsa ho e haha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 28:2
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha tsebiswa Jakobo, ha thwe: Mora hao Josefa ke enwa ya tlang ho wena. Mme Iseraele a itiisa, a dula diphateng.


Hape bahlanka ba morena ba tlile ho boka morena Davida, monga rona, ba re: Modimo wa hao o hodise lebitso la Salomone ho feta lebitso la hao, mme o phahamise terone ya hae ho feta terone ya hao; le morena o bile a kgumama phateng tsa hae.


O a tseba hobane ntate Davida o sitilwe ho hahela lebitso la Jehova, Modimo wa hae, ntlo, ka baka la dintwa tse mo hlahetseng hohle, ha ba ha fihla nako eo Jehova a beileng dira tsa Davida tlasa maoto a hae.


Tsamaya, o bolelle mohlanka wa ka Davida, o re: Jehova o re: Hase wena o tla nkgahela ntlo eo ke tla dula ho yona.


O ka bona, bonyenyaneng ba ka, ke lokiseditse ntlo ya Jehova kgauta e ditalenta tse dikete tse lekgolo, le silefera e ditalenta tse dikete tse sekete, le koporo le tshepe tse se nang ho lekanngwa, kahobane di ngata haholo. Ke lokisitse le difate le majwe, mme o tla boela o ekeletse teng.


Yaba o bitsa Salomone, mora wa hae, a mo laela ho hahela Jehova, Modimo wa Iseraele, ntlo.


Davida a re ho Salomone, mora wa hae: E ne e le kgopolo ya pelo ya ka hore ke hahele lebitso la Jehova, Modimo wa ka, ntlo.


Ba kileng ba bewa ke Davida ho tsamaisa tshebetso ya dipina tlung ya Jehova, mohla areka e boneng phomolo, ke bana:


E ne e le kgopolo ya ntate Davida ho hahela lebitso la Jehova, Modimo wa Iseraele, ntlo;


Jehova o itse ho Morena wa ka: Dula letsohong la ka le letona, ke tle ke be ke bee bao e leng dira ho wena bonamelo ba maoto a hao.


Mona ke nqalo ya phomolo ya ka ka ho sa feleng; ke rata ho aha teng; hobane ke ikgethetse yona.


le kamoo a hlapantseng ho Jehova kateng, le kamoo a anneng ho Modimo o matla wa Jakobo kateng,


Ke tla bolela lebitso la hao ho banabeso, ke o rorise hara phutheho.


Rorisang Jehova, Modimo wa rona, le kgumame pela bonamelo ba maoto a hae, hobane o a halalela.


Bokgabane ba Lebanone bo tla tla ho wena; le kiprese le pine le fire hammoho, ho tle ho kgabiswe ka tsona nqalo ya sehalalelo sa ka, mme nqalo ya maoto a ka e etswe e kganyang.


Lehodimo ke terone ya ka, mme lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka: ho rialo Jehova. E kae ntlo eo le ka nkgahelang yona? E kae nqalo eo nka phomolang ho yona?


Morena o kgurumeditse moradi wa Sione keng ka kgalefo? Kganya ya Iseraele o e dihile lehodimong, a e lahlela fatshe; tsatsing la kgalefo ya hae ha a ka a hopola bonamelo ba maoto a hae.


a re ho nna: Mora motho, ke yona nqalo ya terone ya ka, le moo bohato ba maoto a ka bo tla ema teng, e leng moo ke tla dula hara bana ba Iseraele ka ho sa feleng; ntlo ya Iseraele hae sa tla silafatsa lebitso la ka le halalelang, leha e le bona, leha e le marena a bona, ka ho boka ha bona le ka ditopo tsa marena a bona, le ka dinqalo tsa bona tse diphahameng.


Ya nkileng ditalenta tse hlano a phakisa a ya, a hweba ka tsona, a rua ditalenta tse ding tse hlano.


Lehodimo ke terone ya ka, mme lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka; ntlo eo le ka nkgahelang yona e ka ba e jwang, ho bolela Morena, le nqalo eo nka phomolang ho yona e ka ba efe?


o ipeele morena ya tla kgethwa ke Jehova, Modimo wa hao; motho ya tla bewa morena ke wena, e be e mong wa banabeno; o ke ke wa bea moditjhaba, e leng motho eo e seng ngwaneno.


Pelo ya hae e tle e se ke ya ikgohomosetsa banababo, mme a se ke a kgeloha molao ona ho ya ka letsohong le letona, kapa ho le letshehadi, a tle a ngatafatse matsatsi a hae a puso ya hae, e le yena le bana ba hae, hara setjhaba sa Iseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ