Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 28:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 A mo nea kgauta, boima bo itseng ba ho etsa tafole tsa mahobe a pontsha, le ba tafole e nngwe le e nngwe, le silefera ya ho etsa ditafole tsa silefera;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 A mmolella le boima ba kgauta e tla etsa tafole e nngwe le e nngwe e tla bea bohobe bo halalelang, le boima ba silefera e tla etsa ditafole tsa silefera,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 28:16
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Salomone a phetha mesebetsi yohle ya ntlo ya Jehova, e le aletare ya kgauta, le tafole ya kgauta ya mahobe a pontsha;


A mo nea le boima ba dikandelare tsa kgauta le ba dilampi tsa tsona tsa kgauta, e le boima ba kandelare e nngwe le e nngwe le ba dilampi tsa yona, le ba dikandelare tsa silefera, e leng boima ba kandelare e nngwe le e nngwe le ba dilampi tsa yona, ka ho ya ka mosebetsi wa kandelare e nngwe le e nngwe.


le kgauta e hlwekileng ya difereko, le ya mafiso, le ye dinwelo; le ya mehope ya kgauta, boima ba yona bo tshwanelang mohope o mong le o mong; le silefera ya mehope ya silefera, boima bo tshwanelang mohope o mong le o mong;


Salomone a phetha mesebetsi yohle ya ntlo ya Modimo jwalo, le aletare ya kgauta, le ditafole tsa mahobe a pontsha,


A etsa le ditafole tse leshome, mme a di bea tempeleng, tse hlano ka ho le letona, tse hlano tse ding ka ho le letshehadi. A etsa le mafiso a lekgolo a kgauta.


kamoo a kileng a kena tlung ya Modimo kateng, a ja mahobe a pontsha, a neng a sa lokele ho jewa ke yana le ke ba nang le yena, e le a baprista ba nnotshi?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ