Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 28:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 A mo nea le setshwantsho sa ntho tsohle tseo a di hopotseng moyeng wa hae bakeng sa mabala a ntlo ya Jehova, le sa dikamore tse sikang le dipolokelo tsa matlotlo a ntlo ya Modimo le tsa matlotlo a sehalalelo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 A mo nea le setshwantsho sa tsohle tse neng di le mohopolong wa hae, e leng mabala a Tempele ya Morena, le dikamore tse a potapotileng, le dikamore tsa matlotlo a Tempele ya Modimo, le dikamore tsa dimpho tse halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 28:12
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A nka maruo a ntlo ya Jehova le maruo a ntlo ya morena, a hapa tsohle, a ya le dithebe tsohle tsa kgauta tse entsweng ke Salomone.


Hape, a tlisa ka tlung ya Jehova tse kgethetsweng Modimo ke ntatae le yena, silefera le kgauta le dipitsa.


Yaba Asa o nka silefera yohle le kgauta tse setseng polokelong ya ntlo ya Jehova le polokelong ya ntlo ya morena, a di bea matsohong a bahlanka ba hae. Morena Asa a di romela ka bona ho Ben-Hadade, mora Tabrimmone, mora Hesione, morena wa Siria, ya ahileng Damaseka, a re:


Ha phethwa jwalo mosebetsi wohle oo morena Salomone a o etseditseng ntlo ya Jehova. Salomone a ntoo tlisa le mesebetsi e kgethetsweng Modimo ke ntatae Davida, e le silefera le kgauta le dipitsa, a di bea dipolokelong tsa matlotlo a ntlo ya Jehova.


Akase a nka silefera le kgauta tseo a di fumaneng ka tlung ya Jehova le bobolokelong ba ntlo ya marena, a di romela ho morena wa Assiria ka mokgwa wa nyehelo.


Esekiase a mo nea silefera yohle e fumanweng tlung ya Jehova le bobolokelong ba ntlo ya morena.


Ho Balevi, Akija a bewa molebedi wa matlotlo a ntlo ya Modimo le wa matlotlo a ntho tse halalelang.


Davida a nea Salomone, mora hae, setshwantsho sa mathule, le sa matlo, le sa dipolokelo, le sa dikamore tse kahodimo, le sa dikamore tse kahare, le sa ntlo ya serapello.


Davida a re: Tsohle tseo, Jehova o nneile kutlwisiso ya tsona ka ho di ngola ka letsoho la hae, ke re, mesebetsi yohle ya tekanyetso eo.


O hlokomele ho etsa ntho tseo ka tekanyetso eo o e bontshitsweng thabeng.


Eya ho bana ba Rekabe, mme o bue le bona; o ba tlise ka tlung ya Jehova, kamoreng e nngwe, o ba nee veine ho nwa.


A ntlisa naheng ya Iseraele ka dipono tsa mohlolo tsa Modimo, a mpea thabeng e telele haholo, eo hodima yona ho nang ho le ntho e kang moaho wa motse, ka nqa borwa.


Kamore e ne e le teng eo ho neng ho kenwa ho yona dipakeng tsa ditshiya tsa menyako; ke hona moo ho neng ho hlatsuwa ditjheso.


ba sebetsang ka tse tshwantshang dintho tsa lehodimo le diriti tsa tsona, kamoo Modimo o neng o laetse Moshe kateng, ha a tla etsa tabernakele, wa re: Lemoha hantle, o etse ntho tsohle ka tekanyetso ya tseo o di bontshitsweng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ