Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 28:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Davida a nea Salomone, mora hae, setshwantsho sa mathule, le sa matlo, le sa dipolokelo, le sa dikamore tse kahodimo, le sa dikamore tse kahare, le sa ntlo ya serapello.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Jwale Davida a nea Solomone, mora wa hae, setshwantsho sa lethule la Tempele, le sa matlo a yona, le sa dikamore tsa matlotlo, le sa dikamore tse kahodimo, le sa dikamore tse kahare, le sa sekwahelo sa tefelo ya sebe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 28:11
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele dikamore tse kallaneng, tse potang ntlo yohle, a di etsa di ena le bolelele ba ditswe tse hlano; di ne di kopane le ntlo ka difate tsa kedare.


Mathule a ka pele ho tempele, bolelele ba wona ya eba tswe tse mashome a mabedi, ho lekana le bophara ba ntlo, bophara ba wona e le ditswe tse leshome pela ntlo.


A mo nea le setshwantsho sa ntho tsohle tseo a di hopotseng moyeng wa hae bakeng sa mabala a ntlo ya Jehova, le sa dikamore tse sikang le dipolokelo tsa matlotlo a ntlo ya Modimo le tsa matlotlo a sehalalelo,


Davida a re: Tsohle tseo, Jehova o nneile kutlwisiso ya tsona ka ho di ngola ka letsoho la hae, ke re, mesebetsi yohle ya tekanyetso eo.


Baprista ba tlisa areka ya selekane sa Jehova tulong tsa yona, sehalalelong sa ntlo, sehalaledisisong, tlasa mapheo a dikerubime.


o ne a mo lokiseditse kamore e kgolo hona moo pele ho neng ho bolokwa dinyehelo, le dibano, le mesebetsi, le karolo ya leshome ya dikoro, le ya veine e ntjha, le ya ole, tse neng di laeleditswe Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le kabelo e kgethetsweng baprista.


O hlokomele ho etsa ntho tseo ka tekanyetso eo o e bontshitsweng thabeng.


Le tla etsa tsohle ka tekanyetso ya tabernakele le ya mesebetsi yohle ya yona, kamoo ke le bontshang kateng.


O hlome tabernakele ka mokgwa oo o o bontshitsweng thabeng.


Eya ho bana ba Rekabe, mme o bue le bona; o ba tlise ka tlung ya Jehova, kamoreng e nngwe, o ba nee veine ho nwa.


Ho tloha monyakong wa pele, ho isa pela mathule a monyako o kahare, ho ne ho ena le sebaka sa ditswe tse mashome a mahlano.


Eitse ha Jesu a ntse a tadima, a bona barui ba nokelang dimpho tsa bona polokelong ya letlotlo.


ba sebetsang ka tse tshwantshang dintho tsa lehodimo le diriti tsa tsona, kamoo Modimo o neng o laetse Moshe kateng, ha a tla etsa tabernakele, wa re: Lemoha hantle, o etse ntho tsohle ka tekanyetso ya tseo o di bontshitsweng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ