Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 27:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Shithrai wa Sarone a hlahloba makgomo a fulang Sarone; Shafathe, mora Adlai, yena a hlahloba makgomo a dikgutlong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 Shiterai wa Mosharone o ne a hlokomela dikgomo tse neng di le metebong e Sharone; Shafate, mora wa Adelai, o ne a hlokomela dikgomo tse neng di le ka dikgohlong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 27:29
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Obile Moishmaele ya eba mohlahlobi wa dikamele; Jehdia wa Meronothe a hlahloba diesele.


Ba kile ba aha naheng ya Gileade, Bashane, le metseng ya teng, le merakeng yohle ya Sarone, meeding ya yona.


Hape, a haha ditora lefeelleng, mme a tjheka didiba tse ngata, estwe a ne a ruile makgomo a mangata a fulang dithoteng le masabasabeng, a ruile le balemi ba dikoro le ba merara dithabeng le Karmele, hobane a ne a rata masimo haholo.


Ka rua bafo ba banna le ba basadi; kantle ho bao, ba bang ya eba ba tswaletsweng ha ka tlung; hape, ka rua mehlape e meholo ya dikgomo le ya dinku, ho feta bohle ba bileng teng pele Jerusalema.


A tla mela dipalesa ka ho fetisa, a nyakalle, a thabe, a phokole difela tsa hlolo; a tla fuwa kganya ya Lebanone le menono ya Karmele le ya Sharone; batho ba tla bona kganya ya Jehova le boholo ba Modimo wa rona.


Lehwatata la Sharone e tla ba meraka ya manku, kgohlo ya Akore e be makgulo a makgomo a setjhaba sa ka se mpatlileng.


Bohle ba ahileng Lida le Sarone ba mmona, ba ba ba sokolohela ho Morena.


Sokolohang, le tsamaye, le ye thabeng ya Baamore le ditjhabeng tsohle tse bapileng le bona, lehwatateng, le thabeng, le thoteng, le nqa borwa, le lebopong la lewatle, naheng ya Bakanana, le Lebanone, ho ya fihla nokeng e kgolo, e leng noka ya Eufrate.


Tsatsing leo, e mong wa bahlanka ba Saule o ne a le teng a thibetswe pela Jehova, bitso la hae e le Doege, Moedomo, e le moholo wa badisa ba Saule.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ