Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 27:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Haele bakeng sa meloko ya Iseraele, molaodi wa Barubene e ne e le Eliesere mora Sikri; wa Basimeone e ne e le Shefathia, mora Maaka;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Dihlooho tsa merabe ya Iseraele e ne e le tsena: Hlooho ya ba morabe wa Rubene e ne e le Eleesere, mora wa Sikeri; ya ba morabe wa Simeone e le Shefatiya, mora wa Maaka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 27:16
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le serethe sa hae se bitswang Reuma, le sona se mo tswaletse Thebake, le Gahame, le Tahashe, le Maaka.


Yare Iseraele ha a sa aheletse naheng eo, Rubene a ya robala le Bilha, serethe sa ntatae; mme Iseraele a utlwa taba eo.


Bara ba Jakobo ba ne ba le leshome le metso e mmedi. Bara ba Lea ke Rubene, mora wa Jakobo wa letsibolo, le Simeone, le Levi, le Juda, le Issaskare, le Sabulone.


Kgweding ya leshome le metso e mmedi, molaodi wa leshome le metso e mmedi e ne e le Heldai wa Nethofa, wa ba ha Othniele; sehlopheng sa hae o ne a na le batho ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.


wa Balevi e ne e le Hashabia, mora Kemuele; wa Baarone e ne e le Tsadoke;


Davida a phuthela Jerusalema marena wohle a Iseraele, dihlooho tsa meloko, le balaodi ba dihlopha tse sebeletsang morena, le balaodi ba dikete le balaodi ba makgolo, le bahlahlobi ba maruo le ba mehlape ya morena le ya bara ba hae, hammoho le matona, le banna ba bahale, le diqhenqha kaofela.


Ke ana mabitso a bana ba Iseraele, ba neng ba ye Egepeta le Jakobo, e mong le e mong a ya le ba ntlo ya hae:


Ke bona bao ba kileng ba memuwa phutheho; ke marena a meloko ya bontata bona; ke tsona dihlooho tsa dikete tsa Iseraele.


Ke ana mabitso a banna ba tlang ho le thusa: Lelokong la Rubene, ke Elitsure, mora Shedeure;


Lebitso la monna eo wa Iseraele ya hlabilweng, ya neng a bolawe le mosadi wa Midiane, e ne e le Simri, mora Salu, morena wa ntlo e nngwe ya bontata Basimeone.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ