Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 27:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Bana ke bana ba Iseraele ka palo ya bona, dihlooho tsa matlo a bontata bona, le balaodi ba dikete le ba makgolo, le bahlahlobi ba bona, ba neng ba sebeletsa morena tabeng tsohle tsa dihlopha, kamoo di neng di tshwanetse ho kena le ho tswa mosebetsing kateng, ka kgwedi e nngwe le e nngwe, kgweding tsohle tsa selemo; hlopha se seng le se seng e ne e le sa batho ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Lena ke lenane la bana ba Iseraele, ho ya ka palo ya bona, e leng dihlooho tsa malapa a bona, le balaodi ba bahlabani ba dikete, le ba bahlabani ba makgolo, le bahlanka ba sebeletsang kgosi ditabeng tsohle tse amanang le mabotho. Ba ne ba sebetsa ka dihlopha tse suthelanang ka kgwedi le kgwedi, selemo sohle. Lebotho ka leng le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 27:1
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke ana mabitso a dinatla tsa Davida: Joshebe-Bashebethe, wa Thakhemone, hlooho ya balaodi. A betsa ka lerumo la hae, mme ka tsatsi le le leng, a hlaba batho ba makgolo a robileng meno e le mmedi.


Matona a ne a ntse a batlela morena Salomone le bohle ba jang tafoleng ya morena Salomone dijo, e nngwe le e nngwe ka kgwedi ya yona, a sa tlohele letho le ka hlokahalang.


Hape, Salomone a bea matona a leshome le metso e mmedi hodima Baiseraele bohle, hore a batlele morena le ntlo ya hae dijo; e nngwe le e nngwe e ne e tshwanetse ho batla dijo ka kgwedi e nngwe, ka selemo se seng le se seng.


A romela kete tse leshome Lebanone ka kgwedi e nngwe le e nngwe, a nna a ba fapanya, hore ba dule kgwedi e nngwe Lebanone, kgwedi tse pedi ba di dule hae. Adonirame a bewa mohlahlobi wa ba kgethilweng.


Ke tsena dihlooho tsa banna ba bahale ba Davida, ba nnileng ba mo emela boreneng ba hae, ba ena le Baiseraele bohle, ba tle ba mmee morena, ka polelo e neng e boletswe ke Jehova bakeng sa Iseraele.


Yaba Davida o etsa morero le balaodi ba dikete le ba makgolo, e le mahosana wohle a setjhaba.


Jeria, hlooho, le banababo e neng e le banna ba bahale, ba ne ba etsa kete tse pedi tse nang le makgolo a supileng a dihlooho tsa matlo a bontata bona. Morena Davida a ba bea bahlahlobi ba Barubene, ho sebetsa mesebetsi yohle ya Modimo le mesebetsi ya morena.


Molaodi wa hlopha sa pele, kgweding ya pele, e ne e le Jashobeame, mora Sabdiele; hlopheng sa hae o ne a na le batho ba kete tse mashome a mabedi a metso e mene.


Davida a phuthela Jerusalema marena wohle a Iseraele, dihlooho tsa meloko, le balaodi ba dihlopha tse sebeletsang morena, le balaodi ba dikete le balaodi ba makgolo, le bahlahlobi ba maruo le ba mehlape ya morena le ya bara ba hae, hammoho le matona, le banna ba bahale, le diqhenqha kaofela.


Yaba dihlooho tsa matlo, le dihlooho tsa meloko ya Iseraele, le balaodi ba dikete le ba makgolo, le bahlahlobi ba mesebetsi ya morena, ba ntsha ka ho rata;


Salomone a bua le Baiseraele bohle, le balaodi ba dikete le ba makgolo le baahlodi, le babusisi le mahosana a Baiseraele bohle, le dihlooho tsa matlo a bontata bona.


Moshe a kgetha hara Iseraele kaofela banna ba loketseng, a ba bea dihlooho tsa setjhaba, balaodi ba dikete, balaodi ba makgolo, balaodi ba mashome a mahlano, le balaodi ba mashome.


Empa, haele wena, Bethlehema-Efrata, leha o balwa o le monyenyane hara meloko ya Juda, ho wena ho tla ntswela eo e tla ba morena wa Iseraele, e leng yena ya leng teng esale tshimolohong, esale mehleng e sa qaleng.


Yaba ke kgetha dihlooho tsa meloko ya lona, banna ba bohlale, ba tsejwang, ka ba bea dihlooho tsa lona, hore e be balaodi ba dikete, le balaodi ba makgolo, le balaodi ba mashome a mahlano, le balaodi ba mashome, hape e be bahlahlobi ba meloko ya lona.


Jehova, ha e se e le kgale a kgatholotse Baiseraele direng tsa bona tse ba teetseng hare, Joshua le yena a se a tsofetse, a hodile,


O tla bea ba bang balaodi ba dikete, le balaodi ba mashome a mahlano; ba bang ba tla mo lemela, ba mo kotulele; ba bang ba tla mo etsetsa dibetsa tsa ntwa, le mesebetsi ya makoloi a hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ