Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 26:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Haele mora hae Shemaia, a tswallwa bara bao e bileng ba busang tlung ya ntata bona; hobane e ne e le banna ba matla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Mora wa hae Shemaya a tswala bara ba neng ba busa lelapa lohle labo bona, hobane e ne e le bahale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 26:6
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, tiisang matsoho a lona, le etse ka senna; hobane haele Saule, morena wa lona, o timetse, mme nna ba ntlo ya Juda ba ntlotsitse hore ke be morena wa bona.


Ha tla le Tsadoke, mohlankana wa mohale, a ena le ba ntlo ya ntatae, e le mahosana a mashome a mabedi a metso e mmedi.


wa botshelela Ammiele, wa bosupa Issaskare, wa boroba meno e le mmedi Peulthai; etswe Modimo o ne o mo hlohonolofaditse.


Bara ba Shemaia ke Othni, Refaele, Obede, Elsabade, le banababo bona Elihu, le Semakia, banna ba matla.


Bao kaofela e ne e le bara ba Obed-Edomo; bona, le bara ba bona, le banababo bona e ne e le bahale, banna ba dinatla tshebetsong; ba Obed-Edomo ba ne ba le mashome a tsheletseng a metso e mmedi.


Moprista Asaria a kena kamora hae, a ena le baprista ba mashome a robileng meno e le mmedi ba Jehova, banna ba bahale;


le banababo bona, banna ba bahale, ba neng ba etsa lekgolo le nang le mashome a mabedi a metso e robileng meno e le mmedi; mohlahlobi wa bona e ne e le Sabdiele, mora Gedolime.


Lwana ntwa e ntle ya tumelo, o hape bophelo bo sa feleng, boo o bo bileditsweng, kamoo o seng o ipoletse kateng, ka bokgabane pela dipaki tse ngata.


Haele wena, mamella bothata ka mokgwa wa mohlabani ya molemo wa Jesu Kreste.


Lengeloi la Jehova la mo hlahela, la re ho yena: Jehova o na le wena, monna wa senatla!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ