Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 26:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Ho Bajitsehare, Kenania le bara ba hae ba bewa mosebetsing o kantle, ba bewa bahlahlobi le baahlodi Iseraeleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 Hara ditloholo tsa Isihare, Kenaniya le bara ba hae ba ne ba abetswe mosebetsi wa ho tsamaisa ditaba tsa naha ya Iseraele, e le bangodi le baahlodi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 26:29
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bara ba Kehathe ke Amrame, Jitsehare, Hebrone le Usiele; ba bane.


A re: Ho bona, ho ke ho nkwe ba kete tse mashome a mabedi a metso e mene ba tla tsamaisa tshebetso ya ntlo ya Jehova; hape, ho nkwe ba kete tse tsheletseng ho ba etsa bahlahlobi le baahlodi;


Ho Baamrame, le Batjitsehare, le Bahebrone le Bausiele,


hammoho le tsohle tse neng di kgethetswe Jehova ke Samuele seboni, le Saule, mora Kishe, le Abnere, mora Nere, le Joabe, mora Tseruja, le mang le mang, tsohle tseo tse neng di kgethetswe Jehova, tsa bewa bolebeding ba Shelomithe le banababo.


Kgweding ya bohlano, molaodi wa bohlano e ne e le Shamehuthe Mojisrahe; hlopheng sa hae o ne a na le batho ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.


ba ne ba lebela ba tlisang dintho, ba tsamaisa bohle ba sebetsang mosebetsi wa mofuta ofe le ofe; hape, hara Balevi ho ne ho na le bangodi, le bahlahlobi, le balebedi ba menyako.


le Shabbethai, le Josabade ba neng ba hlahloba mosebetsi wa kantle wa ntlo ya Modimo; e ne e le ba bang ba dihlooho tsa Balevi.


Ka Kehathe ho hlahile ntlo ya Baamrame, le ntlo ya Bajitsehare, le ntlo ya Bahebrone, le ntlo ya Bausiele; ke ao matlo a Bakehathe.


Ekare ha ho hlaha taba e thata, eo o sitwang ho e ahlola mahareng a madi le madi, le mahareng a nyewe le nyewe, le mahareng a leqeba le leqeba, e leng ditaba tse tsekwang metseng ya hao, teng o tla tloha, o nyolohele nqalong eo Jehova, Modimo wa hao, a tla e kgetha;


o tla ya ho baprista ba Balevi, le ho moahlodi ya tla bang teng mohlang oo, o ba botse; mme ba tla o tsebisa kahlolo e loketseng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ