Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 26:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 ba ne ba di nkile dintweng le kgapong, ba di kgethela kotlo ya ntlo ya Jehova;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Dinthong tse ileng tsa hapuwa ntweng, ba fana ka tse ding hore di tle di sebediswe Tempeleng ya Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 26:27
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le tsona morena Davida a di kgethela Jehova, hammoho le silefera le kgauta tseo a di kgethileng tsa ditjhaba tsohle tseo a di hlotseng;


Hobane ba ne ba di nea basebeletsi, ba tle ba lokise ntlo ya Jehova ka tsona.


Morena Davida a di kgethela Jehova, hammoho le silefera le kgauta tseo a neng a di hapile ditjhabeng tsohle, e leng ho Edomo, le Moabe, le bana ba Ammone, le Bafilesta, le Amaleke.


Shelomithe eo le banababo ba bewa balebedi ba matlotlo wohle a dintho tse halalelang tseo morena Davida, le dihlooho tsa matlo, le balaodi ba dikete le ba makgolo, le balaodi ba bang ba makgotla, ba neng ba di kgethetse Jehova;


hammoho le tsohle tse neng di kgethetswe Jehova ke Samuele seboni, le Saule, mora Kishe, le Abnere, mora Nere, le Joabe, mora Tseruja, le mang le mang, tsohle tseo tse neng di kgethetswe Jehova, tsa bewa bolebeding ba Shelomithe le banababo.


Ha phethwa jwalo mosebetsi wohle oo Salomone a o etseditseng ntlo ya Jehova. Salomone a ntoo tlisa mesebetsi e kgehetsweng Modimo ke ntatae, e le silefera, le kgauta, le mesebetsi ya mefutafuta, mme a di bea dipolokelong tsa matlotlo a ntlo ya Modimo.


Haele silefera kaofela, le kgauta, le dipitsa tsa koporo, le tsa tshepe, di tla kgethelwa Jehova, di kenngwe polokelong ya Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ