1 Dikronike 26:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)20 Ho Balevi, Akija a bewa molebedi wa matlotlo a ntlo ya Modimo le wa matlotlo a ntho tse halalelang. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE20 Balevi, le bana babo bona, e ne e le bona balebedi ba matlotlo a Tempele ya Modimo, le balebedi ba matlotlo a dimpho tse halalelang. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Tsatsing leo, ha bewa bahlahlobi ho hlahloba dikamore tsa mediko ya dikabelo tse kgethilweng, le ya dilopotsiya, le ya dikarolo tsa leshome, ba tle ba bokellele teng dikabelo tse tswang metseng e kamathoko, tse newang baprista le Balevi ke molao; hobane thabo e ne e le teng Juda, kahobane baprista le Balevi ba boetse ba eme pela Modimo.