Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 25:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Bao kaofela ke bara ba Hemane, seboni sa morena se senolang mantswe a Modimo, le ho rorisa matla a wona. Modimo o ne o neile Hemane bara ba leshome le metso e mene le baradi ba bararo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Bana bohle e ne e le bara ba Hemane, senohe sa kgosi ditabeng tsa Modimo. Modimo a matlafatsa Hemane ka ho mo fa bara ba leshome le metso e mene, le baradi ba bararo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 25:5
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A lelatsa mahlo a hae, a bona basadi le bana, a re: Ke bomang bao o nang le bona? A re: Ke bana bao Modimo o ba neileng mohlanka wa hao.


Davida, ha a tsoha hosasa, lentswe la Jehova la tlela moporofeta Gade, seboni sa Davida,


Yaba Jehova a bolella Gade, seboni sa Davida, a re:


Ho Hemane, bara ba Hemane ke Bukkia, Matthania, Usiele, Shebuele, Jerimothe, Hanania, Hanani, Eliatha, Giddalthi, le Romamthi-Esere, Joshbekasha, Mallothi, Hothire, le Mahasiothe.


Mme hara bara ba ka kaofela — hobane Jehova o nneile bara ba bangata — o kgethile mora ka Salomone, hore a dule teroneng ya mmuso wa Jehova Iseraeleng.


Le tsona dibini, bara ba Asafe, di ne di eme tulong tsa tsona, kamoo ho neng ho laetse Davida kateng, le Asafe, le Hemane, le Jeduthune, seboni sa morena; le bona balebedi ba menyako ba ne ba eme monyakong o mong le o mong; ha ho le a mong ya kileng a tloha tshebeletsong ya hae, hobane Balevi, banababo bona, ba ne ba ba lokiseditse.


Bonang, bara ke lefa la Jehova, mme tholwana ya popelo ya mosadi ke moputso.


Bonang, ke nna enwa le bana bao Jehova a nneileng bona, hore re be dipontsho le ditshwantsho Iseraeleng, ka taelo ya Jehova wa makgotla, ya ahileng thabeng ya Sione.


[Haele pele, mokgwa Iseraeleng e be e le hore, motho ha a ya botsa Modimo, o ne a re: Tloong, re yeng senoheng; etswe eo kajeno ho thweng ke moporofeta, a ne a bitswa senohe mehleng ya kgale.]


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ