Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 25:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ho bara ba Asafe ke Sakkure, Josefa, Nethania, le Ashareela, bara ba Asafe, ba le tsamaisong ya Asafe, ya neng a porofeta ka taelo ya morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Hara bara ba Asafo e ne e le Sakure, le Josefa, le Netaniya, le Asarela. Ba ne ba okametswe ke Asafo, ya neng a phatlalatsa molaetsa ho ya ka taelo ya kgosi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 25:2
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Balevi ba emisa Hemane, mora Joele, le ho banabao Hemane, Asafe, mora Berekia, le ho bara ba Merari, banababo bona, Ethane, mora Kushaia;


E moholo e ne e le Asafe; ba mo hlahlamang ke Sakaria, le Jeiele, le Shemiramothe, le Jehiele, le Matthithia, le Eliabe, le Benaia, le Obed-Edomo, le Jeiele, ba tshwere diletsa, le diviole, le diharepa; Asafe yena o ne a letsa disimbala.


Yaba Davida le balaodi ba makgotla ba kgetha bara ba bang ba Asafe, le ba Hemane, le ba Jeduthune, ba tle ba porofete ba ithusa ka diharepa le diviole le disimbala. Ke ena palo ya banna ba kentsweng mosebetsing wa tshebetso eo ya bona:


Ho Jeduthune, bara ba Jeduthune ke Gedalia, Tseri, Esaia, Hashabia, le Matthithia; ba tsheletse; ba le tsamaisong ya ntata bona Jeduthune, ya neng a porofeta ka harepa, ho leboha le ho rorisa Jehova.


Bao kaofela ba ne ba le tsamaisong ya ntata bona, ba tle ba bine tlung ya Jehova, ba ntse ba ithusa ka disimbala le diviole le diharepa, ho etsa tshebetso ya ntlo ya Modimo. Haele Asafe le Jeduthune le Hemane, ba ne ba laelwa ke morena.


Ba laolelwa dikabelo tsa bona ka lotho, e monyenyane le e moholo, ya rutehileng le ya rutwang.


E mong e ne e le Asafe, ngwanabo, ya neng a ema ka letsohong la hae le letona; ke Asafe, mora Berekia, mora Shimea,


Eitse ha ba hahang ba thea metheo ya tempele ya Jehova, baprista ba emiswa ba apere tsa bona, ba tshwere diterompeta, ba ena le Balevi, bana ba Asafe, ba tshwere disimbala ho rorisa Jehova, ba ntse ba eya ka ditaelo tsa Davida, morena wa Iseraele.


Modimo o fela o le molemo ho Iseraele, ho ba pelo tse hlwekileng.


Oho Modimo, o re lahletseng kamehla? Bohale ba hao bo kubellelang mohlape oo o leng modisa wa wona?


Re a o roka, Modimo, re a o roka; lebitso la hao le pela rona; ho bolelwa meeka ya hao.


Modimo o tsejwa Juda, lebitso la wona le leholo hara Iseraele;


Lentswe la ka le nyolohela ho Modimo, ke ntse ke howa; lentswe la ka le nyolohela ho Modimo; hola o ka nkutlwa!


Oho setjhaba sa ka, mamela thuto ya ka. Sekehela mantswe a molomo wa ka ditsebe.


Oho Modimo, bahedene ba kene lefeng la hao, ba silafaditse tempele ya hao e halalelang, ba entse Jerusalema dithako.


Sekeha tsebe, modisa wa Iseraele; wena ya tsamaisang Josefa jwalokaha ho tsamaiswa mohlape, wena ya dutseng hodima dikerubime, hlaha kganyeng ya hao!


Utlwahatsang difela tsa lona ho Modimo oo e leng matla a rona, le mehoo ya lona ya nyakallo ho Modimo wa Jakobo!


Modimo o kene phuthehong ya medimo, o ahlola mahareng a medimo.


Oho Modimo, o se ke wa thola, o se ke wa thibana ditsebe, o se ke wa dula o ikgutseditse, Modimo.


Motho o tla tshwara ngwanabo ka tlung ya ntatae, a re ho yena: O na le kobo, tloo, o be morena wa rona, tshenyeho ena e bonwe ke wena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ