Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 25:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba Davida le balaodi ba makgotla ba kgetha bara ba bang ba Asafe, le ba Hemane, le ba Jeduthune, ba tle ba porofete ba ithusa ka diharepa le diviole le disimbala. Ke ena palo ya banna ba kentsweng mosebetsing wa tshebetso eo ya bona:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Bo-Davida le balaodi ba mabotho ba kgetha ba bang ba bara ba Asafo, le ba Hemane, le ba Jedutune, hore ha diharepa, le dikatara, le matlheretlhere, di ba kenya moya, ba phatlalatse molaetsa wa Modimo. Lenane la banna ba neng ba sebetsa mosebetsi ona ke lena:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 25:1
46 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a nka difate tsa almuge, a etsetsa ntlo ya Jehova le ntlo ya morena metero, le diharepa le diviole tsa dibini. Ho ne ho eso ho tle difate tsa almuge tse kalo, le ho bonwa, ho ne ho eso ho bonwe tse kalo, le kajeno.


Jwale, ntlisetseng moletsi wa harepa. Yare ha moletsi wa harepa a letsa harepa, letsoho la Jehova la eba hodima Elisha.


Ha tla le Tsadoke, mohlankana wa mohale, a ena le ba ntlo ya ntatae, e le mahosana a mashome a mabedi a metso e mmedi.


Davida le Baiseraele kaofela ba ne ba letsa pela Modimo ka matla wohle a bona, ba bina ka diharepa, le diviole, le meropa, le disimbala, le diterompeta.


Baiseraele bohle ba lata areka ya selekane sa Jehova jwalo ka ditlatse le ka ho letsa diphala, ka diterompeta le disimbala, le ka ho letsa diviole le diharepa.


A phutha balaodi bohle ba Iseraele, le baprista, le Balevi.


Ho bara ba Asafe ke Sakkure, Josefa, Nethania, le Ashareela, bara ba Asafe, ba le tsamaisong ya Asafe, ya neng a porofeta ka taelo ya morena.


Ho Jeduthune, bara ba Jeduthune ke Gedalia, Tseri, Esaia, Hashabia, le Matthithia; ba tsheletse; ba le tsamaisong ya ntata bona Jeduthune, ya neng a porofeta ka harepa, ho leboha le ho rorisa Jehova.


Lotho ya pele ya ntsha Josefa wa Asafe; ya bobedi ya ntsha Gedalia; yena le banababo le bara ba hae ba ne ba le leshome le metso e mmedi.


Bara ba Levi ke Gershome, Kehathe, le Merari.


Ba neng ba tshwara tshebetso eo hammoho le bana ba bona, ho bara ba Bakehathe e ne e le sebini Hemane, mora Joele, mora Samuele,


E mong e ne e le Asafe, ngwanabo, ya neng a ema ka letsohong la hae le letona; ke Asafe, mora Berekia, mora Shimea,


Haele banababo bona, bara ba Merari, ba ne ba ema ka letsohong le letshehadi: e ne e le Ethane, mora Kishi, mora Abdi, mora Malluke,


Ke tsona dibini, dihlooho tsa matlo a bontata Balevi, tse neng di ahile dikamoreng, di se na kabelo esele, kahobane di ne di sebetsa mosebetsi wa tsona motshehare le bosiu.


Ka selemo sa bosupa, Jehojada a ipha matla, mme a hlaba selekane le balaodi ba makgolo, boAsaria, mora Jeroboame, le Ishmaele, mora Johanane, le Asaria, mora Obede, le Maaseia, mora Adaia, le Elishafathe, mora Sikri.


Ha a tadima, a bona morena, a ema pela tshiya ya hae, monyako, le mahosana le ba letsang diterompeta ba eme pela morena, setjhaba sohle sa naha se thabile, ho letswa diterompeta, mme dibini di tsamaisa dithoko ka diletsa. Yaba Athalia o hahola diaparo tsa hae, a re: Jo! phetohelo! phetohelo!


Jehojada a beela baprista ba Balevi dikabelo tsa mosebetsi wa ntlo ya Jehova, e le bao Davida a neng a ba arotse ho hlabela Jehova ditjheso ka tlung ya Jehova, kamoo ho ngodilweng molaong wa Moshe kateng, ka thabo le ka dipina kamoo Davida a laetseng kateng.


Moprista Jehojada a nea balaodi ba makgolo marumo le mekoko le dithebe tsa morena Davida, tse leng ka tlung ya Modimo.


ho bara ba Elitsafane ya eba Shimri le Jeiele; ho bara ba Asafe, Sakaria le Matthania;


ho bara ba Hemane, Jehiele le Shimei; ho bara ba Jeduthune, Shemaia le Ussiele.


Esekiase a tsosa dihlopha tsa baprista le tsa Balevi dikarolong tsa bona, se seng le se seng ka mofuta wa tshebetso ya sona, e le baprista le Balevi, ho etsa ditjheso le mahlabelo a teboho, ho etsa tshebeletso, le ho rorisa le ho boka Jehova menyakong ya diahelo tsa Jehova.


Batho bao ba nna ba sebetsa mosebetsi oo ka botshepehi. Balebedi ba bona e ne e le Jahathe le Obadia, Balevi, ho bara ba Merari, le Sakaria le Meshullame, ho bara ba Bakehathe; Balevi bohle, ba neng ba tseba ho letsa diletsa,


Le tsona dibini, bara ba Asafe, di ne di eme tulong tsa tsona, kamoo ho neng ho laetse Davida kateng, le Asafe, le Hemane, le Jeduthune, seboni sa morena; le bona balebedi ba menyako ba ne ba eme monyakong o mong le o mong; ha ho le a mong ya kileng a tloha tshebeletsong ya hae, hobane Balevi, banababo bona, ba ne ba ba lokiseditse.


le Balevi kaofela, e leng dibini, boAsafe, le Hemane, le Jeduthune, le bara ba bona le banababo bona, ha ba ntse ba eme ka nqa botjhabela ho aletare, ba apere lene e ntle, ba tshwere disimbala, le diviole, le diharepa, ba ena le baprista ba lekgolo le mashome a mabedi ba letsang diterompeta;


A bea dihlopha tsa baprista ka ho sebetsa ha bona, kamoo ho neng ho laetse ntatae Davida kateng; a bea le Balevikabelong tsa bona tsa ho rorisa Modimo le ho etsa tsa tshebetso pontsheng ya baprista, ka tsatsi le leng le le leng; a bea le balebedi ba menyako, ka dihlopha tsa bona, monyakong o mong le o mong; hobane ho ne ho laetse jwalo Davida, monna wa Modimo.


Haele dibini, ya eba bana ba Asafe ba lekgolo le mashome a mabedi a metso e robileng meno e le mmedi.


Baprista ba bewa kabelong tsa bona, le Balevi dihlopheng tsa bona, ho tle ho etswe tshebeletso ya Modimo o hona Jerusalema, jwalokaha ho ngodilwe bukeng ya Moshe.


E mong e ne e le Matthania, mora Mikea, mora Sabdi, mora Asafe, hlooho, ya neng a qala ho phokola thoko thapelong; wa bobedi hara banababo e ne e le Bakbukia; e mong hape e ne e le Abda, mora Shammua, mora Galale, mora Jeduthune.


Dihlooho tsa Balevi e ne e le Hashabia, Sherebia, le Joshua, mora Kadmiele; ba ne ba na le banababo bona ho boka le ho rorisa Jehova ka taelo ya Davida, monna wa Modimo, ka dihlopha tse tadimanang.


Mohla kgakolo ya lerako la Jerusalema, Balevi ba ya latwa metseng yohle ya bona, ha thwe, ba tle Jerusalema, ba tle ba etse kgakolo ka thabo le ka dithoko le ka difela, ka disimbala le diphala le diharepa.


Phahamisang dipina tsa lona, le otle meropa, le tidinye thomo le harepa e kgahlehang!


Ke kgwedi e ntjha, letsang phala; ke kgwedi e tolokileng, tsatsi la mokete wa rona!


Kantle ho monyako o kahare, ho ne ho na le dikamore tsa dibini, lebaleng le kahare; e nngwe e ne e le kathoko ho monyako wa leboya, e tadimile nqa borwa; e nngwe e le kathoko ho monyako wa botjhabela, e tadimile nqa leboya.


Kamorao, o tla fihla Gibea-Elohime, moo qhobosheane ya Bafilesta e leng teng; etlare ha o fihla motseng, o tla teana le sehlopha sa baporofeta ba theohang nqalong e phahameng, ba eteletswe pele ke phala le moropa le lesiba le harepa, ba ntse ba porofeta.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ