Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 24:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 mongodi Shemaia, mora Nethaneele, wa Balevi, a ba ngola pela morena, le mahosana, le moprista Tsadoke, le Akimeleke, mora Abiathare, le dihlooho tsa matlo a bontata baprista le Balevi; ha ho le jwalo, ha laolwa ka lotho ntlo e nngwe ya Eleasare, ha boela ha laolwa e nngwe ya Ithamare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Mongodi ya bitswang Shemaya, mora wa Netanele, e leng e mong wa Balevi, a ngola mabitso a bona bukeng, moo kgosi, le mahosana, le moprista Sadoke, le Ahimeleke, mora wa Abiatare, le dihlooho tsa malapa a baprista le a Balevi, ba leng teng. Ho ne ho ye ho ngolwe lelapa le le leng la Eleasare, ho ngolwe le le leng la Itamare, jwalojwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 24:6
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le Elihorefe, le Akija, bara ba Shisha, bangodi; le Josafate, mora Akilude, mmoloki wa mangolo a mmuso;


Tsadoke, mora Akitube, le Abimeleke, mora Abiathare, e ne e le baprista; Shavsha e ne e le mongodi;


Ke bona bara ba Levi ka matlo a bontata bona; ke tsona dihlooho tsa matlo a bontata bona, kamoo ba kileng ba ngolwa kateng, ha ho balwa mabitso a bona ka ho ya ka dihlooho. Ba ne ba etsa mosebetsi wa tshebetso ya ntlo ya Jehova, ba qala ha ba le dilemo tse mashome a mabedi le ho ya pele;


Ke bona bara ba Levi, ha ho uwa ka matlo a bontata bona.


Lotho ya pele ya wela Jehojaribe, ya bobedi Jedaia,


ba ne ba lebela ba tlisang dintho, ba tsamaisa bohle ba sebetsang mosebetsi wa mofuta ofe le ofe; hape, hara Balevi ho ne ho na le bangodi, le bahlahlobi, le balebedi ba menyako.


E ne e le mongodi ya masene molaong wa Moshe oo Jehova, Modimo wa Iseraele, a neng a o neile. Morena a mo nea tsohle tseo a di kopileng, kahobane letsoho la Jehova, Modimo wa hae, le ne le le ho yena.


Jwale setjhaba kaofela sa phuthehela lepatlelong le pela monyako wa Metsi, jwaloka hoja ke motho a le mong, sa bolella Esdrase, mongodi, hore a tlise buka ya molao wa Moshe, oo Jehova a o laetseng Iseraele.


A re ho bona: Ke moo ke reng: Mongodi e mong le e mong, ya rutilweng tsa mmuso wa mahodimo, o jwaloka motho eo e leng monga ntlo, ya ntshang dintho tse ntjha le dintho tsa kgale letlotlong la hae.


Ebile e mong, e leng mongodi, o mo atamela, a re ho yena: Moruti, moo o yang teng, leha e le kae le kae, ke tla o latela.


kamoo a neng a kene tlung ya Modimo kateng, mehleng ya Abiathare, moprista e moholo, a ja mahobe a pontsha, a sa lokelang ho jewa, haese ke baprista ba nnotshi, a ba a fa le ba nang le yena?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ