Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 24:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Davida hammoho le Tsadoke wa bara ba Eleasare, le Akimeleke wa bara ba Ithamare, ba arola baprista ka dikabelo tsa bona tsa tshebetso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Davida a ba arola dihlopha, ho ya ka mosebetsi oo ba neng ba o abetswe. Ha a ba arola o ne a thusitswe ke Sadoke, setloholo sa Eleasare, le Ahimeleke, setloholo sa Itamare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 24:3
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Sheva yena e ne e le mongodi; Tsadoke le Abiathare e ne e le baprista;


Tsadoke, mora Akitube, le Akimeleke, mora Abiathare, e ne e le baprista; Seraia e ne e le mongodi;


Morena a bea Benaia, mora Jehojada, molaodi wa makgotla tulong tsa hae; morena a bea le moprista Tsadoke tulong tsa Abiathare.


Davida a bitsa Tsadoke le Abiathare, baprista, le Balevi Uriele, Asaia, Joele, Shemaia, Eliele, le Amminadabe,


Hape, a bea moprista Tsadoke, le baprista ba mofuta wa habo, pela tabernakele ya Jehova, nqalong e phahameng e leng Gibeone,


Tsadoke, mora Akitube, le Abimeleke, mora Abiathare, e ne e le baprista; Shavsha e ne e le mongodi;


Ke bona bara ba Levi, ha ho uwa ka matlo a bontata bona.


Hara bara ba Eleasare ha fumanwa hobane mahosana a mangata ho fetisa hara bara ba Ithamare; ha ho le jwalo, ba arolwa ka mokgwa ona: ho bara ba Eleasare, ha balwa dihlooho tse leshome le metso e tsheletseng tsa matlo a bontata bona, le ho bara ba Ithamare, dihlooho tse robileng meno e le mmedi tsa matlo a bontata bona.


mongodi Shemaia, mora Nethaneele, wa Balevi, a ba ngola pela morena, le mahosana, le moprista Tsadoke, le Akimeleke, mora Abiathare, le dihlooho tsa matlo a bontata baprista le Balevi; ha ho le jwalo, ha laolwa ka lotho ntlo e nngwe ya Eleasare, ha boela ha laolwa e nngwe ya Ithamare.


A bea dihlopha tsa baprista ka ho sebetsa ha bona, kamoo ho neng ho laetse ntatae Davida kateng; a bea le Balevikabelong tsa bona tsa ho rorisa Modimo le ho etsa tsa tshebetso pontsheng ya baprista, ka tsatsi le leng le le leng; a bea le balebedi ba menyako, ka dihlopha tsa bona, monyakong o mong le o mong; hobane ho ne ho laetse jwalo Davida, monna wa Modimo.


Davida a ya Nobe, ho moprista Akimeleke; Akimeleke a tshoha, ha a teana le Davida, a re ho yena: Ho ya kang ha o le nnotshi, o se na motho le a mong?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ