Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 24:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Haele Nadabe le Abihu, bona ba ne ba shwe, ntata bona a sa le teng, ba se na bara; ka baka leo, Eleasare le Ithamare ba tshwara mosebetsi wa boprista.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Empa bo-Nadabe le Abihu ba ile ba shwa pele ho ntata bona, ba se na bara; kahoo Eleasare le Itamare ya eba bona baprista.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 24:2
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Modimo o re ho Moshe: Nyolohela ho Jehova, le ena le Aarone, le Nadabe, le Abihu, le baholo ba mashome a supileng ba Iseraele, mme le kgumame le sa le hole.


Moshe le Aarone, le Nadabe, le Abihu, le baholo ba Iseraele ba mashome a supileng, ba nyoloha; ba bona Modimo wa Iseraele;


o ntoo tlama Aarone le bara ba hae ka dinyepa, o ba rwese dikatiba; boprista e tla ba ba bona ka taelo ya kamehla, mme o kgethe Aarone le bara ba hae jwalo.


Aarone o ne a nyetse Elisheba, moradi wa Amminadabe, kgaitsedi ya Nashone, mme a mo tswalla Nadabe le Abihu, Eleasare, le Ithamare.


Moshe a re ho Aarone le ho Eleasare le Ithamare, bara ba hae ba babedi ba pholohileng: Nkang nyehelo e setseng ya mahlabelo a tjheseditsweng Jehova, mme le e je e sa lomoswa, kathoko ho aletare; hobane e halalela haholo.


Yaba mollo o tswa pela Jehova, wa ba tjhesa; mme ba eshwa pela Jehova.


Wena le bara ba hao, le tla phetha ditshwanelo tsa boprista ba lona nthong tsohle tsa aletare, le tsa tse ka nqane ho lesira; ke yona tshebetso eo le tla e etsa. Ke le nea tshebetso ya boprista ka mokgwa wa mpho feela. Moditjhaba ya tlang ho atamela, o tla bolawa.


Nadabe le Abihu ba eshwa, mohla ba tlisitseng mollo osele pela sefahleho sa Jehova.


Mabitso a bara ba Aarone ke ana: Wa letsibolo ke Nadabe; e ntoo ba Abihu, le Eleasare, le Ithamare.


Empa Nadabe le Abihu ba eshwa pela sefahleho sa Jehova, lefeelleng la Sinai, mohla ba hlahisitseng mollo osele pela sefahleho sa Jehova; ba ne ba se na bara; ke ka baka leo boEleasare le Ithamare ba kileng ba tshwara boprista pela Aarone, ntata bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ