Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 23:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Davida a ba arola dihlopha ka palo ya bara ba Levi, Gershone, Kehathe, le Merari.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Davida a ba arola dihlopha tse tharo, ho ya ka bara ba Levi, e leng Gereshone, le Kohate, le Merari.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 23:6
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele bara ba Aarone, dikarolo tsa bona ke tsena: Bara ba Aarone e ne e le Nadabe, Abihu, Eleasare le Ithamare.


Haele balebedi ba menyako, kamoo ba ileng ba etswa dihlopha kateng ho Bakore, e ne e le Meshelemia, mora Kore, wa bara ba Asafe.


a mmolella le tsa dihlopha tsa baprista le Balevi, le tsa tshebeletso yohle ya ntlo ya Jehova, le tsa mesebetsi yohle ya tshebeletso ya ntlo ya Jehova.


Bara ba Levi ke Gershome, Kehathe, le Merari.


Bara ba Levi ke Gershome, Kehathe, le Merari.


Jehojada a beela baprista ba Balevi dikabelo tsa mosebetsi wa ntlo ya Jehova, e le bao Davida a neng a ba arotse ho hlabela Jehova ditjheso ka tlung ya Jehova, kamoo ho ngodilweng molaong wa Moshe kateng, ka thabo le ka dipina kamoo Davida a laetseng kateng.


Yaba o emisa Balevi ka tlung ya Jehova ba tshwere disimbala le diviole le diharepa, kamoo ho neng ho laetse Davida le Gade seboni sa morena le Nathane moporofeta; hobane taelo eo e ne e tswile ho Jehova ka baporofeta ba hae.


Esekiase a tsosa dihlopha tsa baprista le tsa Balevi dikarolong tsa bona, se seng le se seng ka mofuta wa tshebetso ya sona, e le baprista le Balevi, ho etsa ditjheso le mahlabelo a teboho, ho etsa tshebeletso, le ho rorisa le ho boka Jehova menyakong ya diahelo tsa Jehova.


Tseo tsa tshebeletso eitse ha di se di lokile, baprista ba ema tulong tsa bona, le bona Balevi ka hlopha tsa bona, ka taelo ya morena.


Itokiseng, ka matlo a bontata lona le ka dihlopha tsa lona, ka tse ngodilweng ke Davida, morena wa Iseraele, le ka tse ngodilweng ke Salomone, mora hae;


A bea dihlopha tsa baprista ka ho sebetsa ha bona, kamoo ho neng ho laetse ntatae Davida kateng; a bea le Balevikabelong tsa bona tsa ho rorisa Modimo le ho etsa tsa tshebetso pontsheng ya baprista, ka tsatsi le leng le le leng; a bea le balebedi ba menyako, ka dihlopha tsa bona, monyakong o mong le o mong; hobane ho ne ho laetse jwalo Davida, monna wa Modimo.


Baprista ba bewa kabelong tsa bona, le Balevi dihlopheng tsa bona, ho tle ho etswe tshebeletso ya Modimo o hona Jerusalema, jwalokaha ho ngodilwe bukeng ya Moshe.


Ke bana bara ba Levi ka mabitso a bona: Gershone, Kehathe le Merari.


Ke wona ao mabitso a bara ba Aarone, baprista ba tlotsitsweng, ba kgethetsweng mosebetsi wa boprista.


Ke ena tshebetso ya bara ba Kehathe ka tenteng ya pokano, bakeng sa ntho tse kgethehileng ka ho fetisa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ